Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Monna eo o ne a rutilwe tsela ya Morena; o ne a bua ka moya o nang le tjheseho, a ruta ka kelello ditaba tsa Morena, leha a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 O ne a rutilwe Tsela ya Morena. A bua ka ho tjheseha moyeng, a ruta ditaba tse amanang le Jesu ka hloko, le hoja a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Monna enwa o ne a rutilwe tsela ya Morena; mme ka a ne a tjhesehile moyeng, a bua, a ruta ka kelello ditaba tsa Morena, a tseba kolobetso ya Johanne feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Monna enwa o ne a rutilwe tsela ya Morena; mme ka a ne a tjhesehile moyeng, a bua, a ruta ka kelello ditaba tsa Morena, a tseba kolobetso ya Johanne feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:25
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


hore tsela ya hao e tsejwe lefatsheng, le poloko ya hao ditjhabeng tsohle.


Lentswe la ya howang feelleng le re: Hlekang tsela ya Jehova feelleng, le latse mmila wa Modimo wa rona nahathothe.


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.


lentswe la ya howang feelleng le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.


Bao ba tla, ba re ho yena: Moruti, re a tseba hoba o wa nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane ha o tadime tshobotsi ya batho, empa tsela ya Modimo o e ruta ka nnete. Hleka ho a re lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa ha ho jwalo na? Re ntshe, kapa re se ntshe?


o tle o tsebe ho tiya ha ditaba tseo o di rutilweng.


Bohle ba mo utlwileng le balekgetho, ha ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne, ba tlotlisitse ho loka ha Modimo.


a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?


A sala Pauluse le rona morao, a ntse a howa, a re: Banna bao ke bahlanka ba Modimo o hodimodimo ba re bolellang tsela ya poloko.


A qala ho bua sinagogeng a sa tshabe letho. Yare ha Akila le Prisilla ba mo utlwa, ba mo nkela ha bona, mme ba mo hlalosetsa tsela ya Modimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele kateng.


Empa mehleng eo, moferefere o moholoholo wa hlaha bakeng sa Tsela ya Morena.


A re ho bona: Le kolobeditswe ka kolobetso efe na? Ba re: Ka kolobetso ya Johanne.


Ba bang ha ba ithatafatsa, mme ba hana ho dumela, ba nyatsa le tsela ya Morena pela bongata, a tloha ho bona, a kgetha barutuwa, a ntoo ruta ka matsatsi wohle sekolong sa e mong ya bitswang Tirano.


a kopa mangolo ho yena a ngollwang masinagoge a Damaseka, hore etlere ha a ka fumana ba bang ba thuto eo, leha e le banna, kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.


Bakeng sa mafolofolo, le se ke la ba botswa; le be le tjheseho moyeng; le sebeletse Morena.


Ya yang ntweng ha a itshitse ka ditaba tsa bophelo bona, a tle a kgahlise ya mo memileng.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


ke tle ke leke Baiseraele ka tsona, ke bone ha ekaba ba tla boloka tsela ya Jehova ka ho di futuhela, jwalokaha bontata bona ba e bolokile, kapa ha ho ke ke ha eba jwalo.


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ