Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yare ha a hlotse teng matsatsi a mang, a tloha, a etela ka hlomahanyo dinaha tsa Galatia le tsa Frigia, a ntse a tiisa barutuwa kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Hoba a hlole teng nako e itseng a tloha, a tsamaya hohle naheng ya Galatia le Firigia ka ho latelana, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Eitse hobane a qete nakonyana teng, a tloha, a haola le naha yohle ya Galatia le ya Frigia, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Eitse hobane a qete nakonyana teng, a tloha, a haola le naha yohle ya Galatia le ya Frigia, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:23
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.


Empa le nna, ka selemo se qalang puso ya Dariuse, Momede, ke mo tlatsitse ka ho mo emela le ka ho mo fa matla.


le nna, eitse hobane ke botsisise ditaba tsohle ho tloha ho hlaheng ha tsona, ke re, ho a ntshwanela hore ke o ngolle tsona ka lenaneo la tsona, Theofile ya kgabane,


empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.


Yaba lengeloi le hlaha ho yena, le etswa lehodimong, la mo matlafatsa.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Juda le Silase le bona, e neng e le baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.


Mme a etela dinaha tsa Siria le tsa Silisia, a ntse a tiisa dikereke tsa teng.


Yare hobane ba tswe teronkong, ba ya ha Lidia, ba tshedisa baena; ba ntoo tloha.


Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.


Eitse ha Apolose a sa le Korinthe, Pauluse a haola dinaha tsa Asia tse kahodimo, a tla Efese, mme teng a fihlela barutuwa ba bang.


le Frigia, le Pamfilia, le Egepeta, le dinaha tsa Libia tse bapileng le Sirene, le ba jakileng Roma, kapa e leng Bajuda, kapa e leng baproselite;


Haele dithuso tse bokellelwang bahalaledi, le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.


ke ena le baena bohle ba ho nna ke ngolla dikereke tsa Galatia;


Jwalokaha re se re le boleletse pele, le jwale ke sa rialo: Ekare ha e mong a fela a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a neelwe anathema.


Ha le a ka la nnyedisa, leha e le ho nkgana ka baka la moleko wa ka o nameng ya ka; la mpa la nkamohela jwaloka hoja ke le lengeloi la Modimo, le jwaloka hoja ke le Jesu Kreste.


O mpe o laele Joshua, o mo kgothatse, o mo natlafatse, hobane ke yena ya tla etella setjhaba sena pele, hape ke yena ya tla ba ruisa lefatshe leo o tlang ho le bona.


Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;


Ka baka leo, le ke le tshedisane ka dipolelo tseo.


Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ