Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Eitse ha a tswile sekepeng Sesarea, a nyolohela Jerusalema, a dumedisa kereke, a ntoo theohela Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ha a fihla Sesaria, a nyolohela Jerusalema ho ya dumedisa kereke, a nto theohela Antiokia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Eitse hobane a theohele Sesarea, a nyoloha, a dumedisa kereke, a theohela Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Eitse hobane a theohele Sesarea, a nyoloha, a dumedisa kereke, a theohela Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:22
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna o ne a le teng Sesarea, lebitso la hae e le Kornele, e le molaodi wa lekgolo lekgotleng le bitswang la Italia.


Yare ka hosasane, ba kena Sesarea. Kornele o ne a ba lebeletse, a bile a bitsitse le bahabo le metswalle ya hae e meholo.


Ka nako yona eo, ka tshoha banna ba bararo, ba romilweng ho nna, ba tswang Sesarea, ba hlaha monyako wa ntlo eo ke neng ke le ho yona.


Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.


Ha ba tloha teng, ba kgutlela Antioke ka sekepe, e leng moo ba neng ba laeleditswe mohaung wa Modimo, ho ya mosebetsing oo ba sa tswa o phetha.


Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, dumelang, lona baena ba ditjhaba tsa Antioke, tsa Siria, le tsa Silisia!


Bao, eitse ha ba romilwe jwalo, ba ya Antioke; ba bokella bongata jwa badumedi, mme ba ba nea lengolo leo.


Haele Pauluse le Barnabase, ba hlola Antioke, ba ntse ba ruta, ba bolela lentswe la Morena, ba ena le ba bang ba bangata.


Yare ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa hantle ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo; mme ba ba bolella tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona.


Eitse hobane a bitse balaodi ba babedi ba lekgolo, a re ho bona: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba diqha ba makgolo a mabedi, ba tle ba ye Sesarea ka hora ya boraro ya bosiu.


Yare ha Festuse a fihlile naheng eo, a dula Sesarea matsatsi a mararo, a ntoo fetela Jerusalema.


Jwale Festuse, kahobane a ne a rata ho kgahlisa Bajuda, a re ho Pauluse: Na o rata ho ya Jerusalema ho ya ahlolwa teng ka ditaba tseo pela ka na?


Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ