Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Teng, a fihlela Mojuda e mong, ya bitswang Akila, ya tswaletsweng Ponto; o ne a sa tswa tloha Italia, a ena le Prisilla, mosadi wa hae; hobane Klaude o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma; mme Pauluse a tla ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Teng a fumana Mojuda e mong ya bitswang Akulase, ya tswaletsweng Ponto, ya neng a sa tswa fihla, a etswa Italia le mosadi wa hae Prisilla, hobane Tlelaudiose o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma. Paulosi a ya ho bona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 A fumana Mojuda e mong ya bitswang Akuila, ya tswaletsweng Ponto, ya sa tswa tswa Italy, a ena le Prisila, mosadi wa hae; (hobane Claudiase o ne a laetse Bajuda bohle hore ba tlohe Roma), a tla ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 A fumana Mojuda e mong ya bitswang Akuila, ya tswaletsweng Ponto, ya sa tswa tswa Italy, a ena le Prisila, mosadi wa hae; (hobane Claudiase o ne a laetse Bajuda bohle hore ba tlohe Roma), a tla ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:2
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.


Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.


A qala ho bua sinagogeng a sa tshabe letho. Yare ha Akila le Prisilla ba mo utlwa, ba mo nkela ha bona, mme ba mo hlalosetsa tsela ya Modimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele kateng.


Rona bohle Bapartha, Bamede, Baelame, le ba ahileng Mesopotamia, le Judea, le le Kapadosia, le Ponto, le Asia,


Eitse hobane ho laelwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batlamuwa ba bang ho molaodi e mong wa lekgolo, ya bitswang Juliuse, wa lekgotla la Augusto.


Molaodi wa lekgolo a fihlela teng sekepe sa Aleksandria se yang Italia, mme a re kenya ho sona.


Dikereke tsa Asia di a le dumedisa. Akila le Prisila, le kereke e ka tlung ya bona, ba le dumedisa haholo Moreneng.


Dumedisa Priska le Akila, le ba ntlo ya Onesifore.


Ntumedisetseng badisa bohle ba lona le bahalaledi bohle. Ba Italia ba le dumedisa.


Ke le Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla bakgethwa ba jakileng, ba hasaneng mafatsheng a Ponto, a Galatia, a Kapadosia, a Asia, le a Bithinia;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ