Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa ha ho tsekwa taba ya mantswe, le ya mabitso, le ya molao o ho lona, le tla iponela teng le nnotshi; hobane nna, ha ke rate ho ba moahlodi wa taba tse jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 empa haeba ke kgang ya mantswe, ya mabitso le ya Molao wa lona, le ka bona e le lona; ha nka ke ka ba moahlodi wa tsena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Empa ha e le taba ya mantswe, le mabitso, le ya molao wa lona, le bone yona; hobane ha ke na ho ba moahloli oa litaba tse joalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Empa ha e le taba ya mantswe, le mabitso, le ya molao wa lona, le bone yona; hobane ha ke na ho ba moahloli oa litaba tse joalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona.


a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.


Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka molao wa lona. Bajuda ba re ho yena: Ha re a dumellwa ho bolaya motho.


ba re: Enwa o ruta batho ho sebeletsa Modimo ka mokgwa o fapaneng le molao.


Moo ke fihletse hoba ba mo qosa ka ditaba tsa molao wa bona, empa ho se molato ho yena o tshwanetseng lefu, leha e le mahlaahlela.


Ha ekaba ke entse ho kgopo ho e mong, kapa ha ke entse ho hong ho tshwanelang lefu, ha ke hane ho shwa; empa ha ho se nnete tabeng tseo ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneang bona; ke ipea ho Sesare.


Ba mpa ba mo qosa ka ditaba tse ding tsa tumelo ya bona feela, le tsa e mong ya shweleng, ya bitswang Jesu, eo Pauluse a neng a tiisa hore o a phela.


haholo kahobane o tseba mekgwa yohle ya Bajuda, le ditaba tsohle tse tsekwang hara bona; ke a o rapela ke hona, ke re, o nkutlwe ka sebete.


mme ba se ke ba ineela ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa masika, e leng ditaba tse hlahisang dikgang, e seng kgahiso ya ntlo ya Modimo e tiiswang ka tumelo, le jwale, ke sa o laela jwalo.


o ikgohomositse, ha a tsebe letho, mme o jewa ke leru la diphetolano le la dikgang tse hlahisang mona, le dikomang, le dinyefolo, le diplaelo tse mpe,


O furalle dikgang tsohle tsa bowatla, tseo ho sa ithutweng letho ka tsona, etswe o tseba hoba di tswala dintwa.


Empa o tshabe dikgang tsa bowatla, le tsa masika, le diqabang le diphapang tse etswang hodima molao; hobane ha di thuse letho, mme ke lefeela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ