Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa Pauluse ha a re o ahlamisa molomo wa hae, Galione a re ho Bajuda: Bajuda, holane ho tsekwa taba e kgopo, leha e le ketso e nngwe ya bolotsana, nka be ke tshwanela ho le emela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Yare ha Paulosi a re o tla bua, Galeo a re ho Bajuda: “Bajuda ting, haeba ho ne ho hlile ho ena le molato o itseng kapa bolotsana bo bobe, ho ka be ho lokela hore ke le mamelle,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Yare ha Pauluse a se a le haufi le ho ahlamisa molomo, Galio a re ho Bajuda: Hoja e ne e le taba ya bokgopo, kapa bohlola bo kgopo, lona Bajuda, nka be ke le mamella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Yare ha Pauluse a se a le haufi le ho ahlamisa molomo, Galio a re ho Bajuda: Hoja e ne e le taba ya bokgopo, kapa bohlola bo kgopo, lona Bajuda, nka be ke le mamella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o ahlamisa molomo wa hae, a ba ruta, a re:


Yaba o araba, a re: Jo! moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho isa kae? ke tla le behela pelo ho isa kae? Mo tliseng ho nna.


a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?


Wa nna wa ba etsetsa ka mohau feelleng, ka dilemo tse mashome a mane.


Pauluse a re: Nna, ke Mojuda, motala wa Tarese, motse wa Silisia o tumileng. Ke a o kopa, o ntese, ke bue le setjhaba.


Ha ekaba ke entse ho kgopo ho e mong, kapa ha ke entse ho hong ho tshwanelang lefu, ha ke hane ho shwa; empa ha ho se nnete tabeng tseo ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneang bona; ke ipea ho Sesare.


Empa ke sa hlokile taba e tiileng, eo nka e ngollang morena; ke ka baka leo ke mo tlisitseng pela lona, haholoholo pela hao, morena Agripa, hore ha ho se ho botsisitswe taba ya hae, ke tsebe seo nka se ngolang bakeng sa hae.


Hobane ba busang ha ba tshabehe ho ba etsang hantle, empa ba tshabeha ho ba etsang hampe. Na o rata hoba o se ke wa tshaba borena na? Etsa hantle, mme o tla bokwa ke hona.


Hola le ka mamella bowatla ba ka hanyenyane! E, le fele le mmamelle!


Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle.


mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ