Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jasone o ba amohetse, athe kaofela ha bona ba etsa tse lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 mme Jasone o ba amohetse. Batho bana bohle ba etsa se lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re ho na le kgosi e nngwe, e leng Jesu!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Jasone o ba amohetse, mme bohle ba etsa tse hananang le ditaelo tsa Sesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Jasone o ba amohetse, mme bohle ba etsa tse hananang le ditaelo tsa Sesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:7
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, ho na le banna ba Bajuda, bao o ba beileng ho busa dinaha tse ka mathoko, boShadrake, le Meshake, le Abede-Nego, ha ba re letho ka wena, morena, ha ba sebeletse medimo ya hao, ha ba kgumame pela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.


Yaba ba araba, ba re ho morena: Daniele, e mong wa batshwaruwa ba tswang Juda, ha a re letho ka wena, morena, leha e le ka molao o ngodilweng ke wena; empa o rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.


Ba re ba ntse ba tsamaya, a kena motsaneng o mong. Mosadi e mong, ya bitswang Maretha, a mo amohela tlung ya hae.


Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena.


Jwale, Pilato a batla kamoo a ka mo lokollang kateng; empa Bajuda ba howa, ba re: Ha o lokolla enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya ipeang morena, o hana Sesare.


ba ruta mekgwa eo re sa tshwaneleng ho e amohela, leha e le ho ya ka yona, kahobane re Baroma.


Empa Bajuda ba sa dumelang ba eba mona, mme ba tla le banna ba bang ba bolotsana, ba thotsweng mapatlelong, ba iketsa sehlopha, ba ferekanya motse; ba patela ntlo ya Jasone, mme ba batla Pauluse le Silase, ho ba isa pela setjhaba.


Yaba moo ba ferekanyang setjhaba le babusi ba motse ba utlwileng tseo.


Na le yena Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela, mme a di kgutlisa ka tsela esele na?


Hobane thato ya Modimo ke hore le thibe, ka ho etsa hantle, melomo ya batho ba mawatla, ba sa tsebeng letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ