Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa Bajuda ba sa dumelang ba eba mona, mme ba tla le banna ba bang ba bolotsana, ba thotsweng mapatlelong, ba iketsa sehlopha, ba ferekanya motse; ba patela ntlo ya Jasone, mme ba batla Pauluse le Silase, ho ba isa pela setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Empa Bajuda ba eba mona, ba phutha banna ba bang ba kgopo, ba lebaleng la motse, ba ya le bona, ba tsosa moferefere motseng; ba futuhela ntlo ya Jasone, ba batla Paulosi le Silase ho ba tlisa kapela pitso ya setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Empa Bajuda ba sa kang ba dumela, ba susumetswa ke mohono, ba inkela banna ba dihlola ba mofuta o ditshila, ba bokella sehlopha, ba baka moferefere motseng wohle, ba futuhela ba ntlo ya Jasone, ba batla ho ba ntshetsa kantle. batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Empa Bajuda ba sa kang ba dumela, ba susumetswa ke mohono, ba inkela banna ba dihlola ba mofuta o ditshila, ba bokella sehlopha, ba baka moferefere motseng wohle, ba futuhela ba ntlo ya Jasone, ba batla ho ba ntshetsa kantle batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:5
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme jwale, ha ke ewa, ba ye ba thabe; ba bokana hammoho, ba mpokanela ho nkotla, ke sa tsebe molato; ba ngahola ka maleme, ha ba kgutse.


Ke entswe sesomo sa ba dutseng kgorong, matahwa a mpina ka dipina.


Pelo e tshweu e phedisa mmele wa motho; empa mona o bodisa masapo a hae.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Hobane o ne a tseba hobane ba mo neetse yena ka mona.


Empa Bajuda yare ha ba bona bongata, ba tlala mona, ba hanyetsa ditaba tsa Pauluse, ba nganga, ba nyefola.


Yaba ho fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikone, ba hapella batho ho bona; yaba ba tlepetsa Pauluse, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba lekanya hore o shwele.


Empa Bajuda ba sa kang ba dumela, ba tsosa baditjhaba, hore dipelo tsa bona di tle di halefele baena.


Empa Bajuda ba Thesalonika, yare ha ba tseba hobane lentswe la Modimo le bolelwa le Berea ke Pauluse, ba tla le teng, ba ferekanya setjhaba.


Ha ba sa ba fumane, ba hulela Jasone le baena ba bang pela babusi ba motse, ba howa, ba re: Batho bao ba ferekantseng lefatshe lohle, ba tlile le kwano;


Jasone o ba amohetse, athe kaofela ha bona ba etsa tse lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.


Empa yare hobane Jasone le ba bang ba itopolle ka tebeletso, ba ba lesa, ba ya.


Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,


Hobane re se re ikentse tsietsing ya ho botswa moferefere wa kajeno, haele mona ho se taba eo re ka itatolang ka yona bakeng sa pokano ena.


Bapatriareka ba honohela Josefa, ba reka ka yena, a iswa Egepeta; empa Modimo wa nna wa eba le yena,


Timothea, molekane wa ka mosebetsing, o a le dumedisa; Lusiuse, Jasone, le Sosipatere, batswala ba ka, ba le dumedisa.


hoba le sa le ba nama. Hobane haele moo mona o sa le teng hara lona, le diphapang, na ha le ba nama na? na ha le ye ka mokgwa wa batho na?


ke bile maetong hangata; ke batlile ke timella dinokeng, ka batla ke timela hara mashodu, ka batla ke timetswa ke ba setjhaba sa heso, ka batla ke timetswa ke baditjhaba, ka batla ke timella metseng, ka batla ke timella mafeelleng, ka batla ke timella lewatleng, ka batla ke timetswa ke baena ba mahata.


ke mohono, le dipolao, le botahwa, le meharo, le dintho tse jwalo, tseo ke le bolellang, jwalokaha ke se nkile ka le bolella, hore ba etsang tse jwalo, ba ke ke ba ba ba rua mmuso wa Modimo.


Re se keng ra batla boithoriso ba lefeela, ka ho phephetsana, le ka ho honohelana.


Le lona le fetohile baetsisi ba rona le ba Morena, ka ho amohela lentswe, hara matshwenyeho a maholo, ka thabo ya Moya o Halalelang;


Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela na? Moya o ikahetseng ho rona na o re isa mohonong na?


Ba mo nea ditjhelete tse mashome a supileng tsa ntlo ya Baale-Berithe, mme ka tsona Abimeleke a lefa batho ba lefeela, ba mekgwa e mebe, hore ba tle ba mo latele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ