Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Yare ha ba utlwa taba ya tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re sa tla boela re o utlwe hape hodima taba eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Yare ha ba utlwa tsa tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: “Re sa tla o utlwa hape ka taba ena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 Eitse ha ba utlwa ka tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re tla boela re o utlwe ka taba ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Eitse ha ba utlwa ka tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re tla boela re o utlwe ka taba ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:32
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.


Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.


Empa bohle ba eba ntswe le le leng ho itatola. Wa pele a re ho yena: Ke rekile tshimo, mme ke tshwanetse ho ya e bona. Ke a o rapela, o ntatolele hantle.


Banna ba tshwereng Jesu ba ne ba mo soma, mme ba mo otla.


Mme Heroda a mo nyedisa a ena le bahlabani ba hae, a mo soma; mme eitse hobane a mo apese kobo e ntlentle, a mo kgutlisetsa ho Pilato.


Le bona bahlabani ba ne ba mo soma, ba mo atamela, ba mo nea asene;


Bonang, lona banyatsi, le makale, mme le timele; hobane ke tla etsa mosebetsi mehleng ya lona, mosebetsi oo le ke keng la o dumela, leha e mong a ka le bolella.


Yaba bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba fetolana le yena; ba bang ba ne ba re: Na mobuabui eo o reng? ba bang ba re: Eka o bolela medimo esele. E ne e le ka baka la hobane a ne a ba bolella Jesu le tsoho ya bafu.


Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatshe ka lona ka ho loka, ka monna eo o mmeetseng hoo, mme o lokiseditse bohle tshepiso ya teng ka ho mo tsosa bafung.


Empa ba bang ba soma, ba re: Ba kgotshe veine e tswai.


Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.


Ba mpa ba mo qosa ka ditaba tse ding tsa tumelo ya bona feela, le tsa e mong ya shweleng, ya bitswang Jesu, eo Pauluse a neng a tiisa hore o a phela.


Hleka le re, ke ntho e ke keng ya ba ya dumeleha ho rona, hoba Modimo o tsosa bafu na?


empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.


Ekare ha ho rutwa hore Kreste o tsohile bafung, ana ba bang hara lona ba bolela jwang hore tsoho ya bafu e siyo?


Rona, re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona, le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona, le a bokwa, empa rona, re a kgeswa.


Hobane o itse: Ke o utlwile nakong e tshwanelang, mme ke o thusitse ka letsatsi la pholoho. Bonang, jwale ke nako e tshwanelang; bonang, jwale ke letsatsi la pholoho.


Ba bang ba tshwenyehile ka ditshomo, le ka ho shapuwa, le ka ditlamo, le ka diteronko.


Ka baka leo, re ke re tsweleng ho yena kantle ho setsha sa ditente, re ntse re jere sekgobo sa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ