Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatshe ka lona ka ho loka, ka monna eo o mmeetseng hoo, mme o lokiseditse bohle tshepiso ya teng ka ho mo tsosa bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka toka, ka monna eo a mo kgethileng, mme o neetse bohle bopaki ka ho mo tsosa bafung.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka ho loka, ka monna eo a mmeileng; e leng seo o se tshepisitseng bohle ka ho mo tsosa bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka ho loka, ka monna eo a mmeileng; e leng seo o se tshepisitseng bohle ka ho mo tsosa bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:31
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o tla ahlola lefatshe ka ho loka, a neele ditjhaba dikahlolo tse lokileng.


Hobane o ya tla ho ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


Kannete ke re ho lona: Kotlo ya ba lefatshe la Sodoma le la Gomorra e tla ba tjhatsi ho ya motse oo, ka tsatsi la kahlolo.


Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.


Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho laetswe; empa ho madimabe motho ya mo ekang.


Ya ntahlang, mme a sa amohele mantswe a ka, o na le ya mo ahlolang; lentswe leo ke le buileng, ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo.


ho loka ho teng, hobane ke ya ho Ntate, mme le ke ke la hlola le mpona;


o mo neile le matla a ho ahlola, kahobane e le yena Mora motho.


Yaba bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba fetolana le yena; ba bang ba ne ba re: Na mobuabui eo o reng? ba bang ba re: Eka o bolela medimo esele. E ne e le ka baka la hobane a ne a ba bolella Jesu le tsoho ya bafu.


Yare ha ba utlwa taba ya tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re sa tla boela re o utlwe hape hodima taba eo.


Ha ba sa ba fumane, ba hulela Jasone le baena ba bang pela babusi ba motse, ba howa, ba re: Batho bao ba ferekantseng lefatshe lohle, ba tlile le kwano;


Modimo o tsositse Jesu eo; mme rona kaofela re dipaki tsa taba eo.


ho ke ho tsejwe ke lona kaofela le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hobane motho enwa ya emeng pela lona, o fodisitswe ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo o mpang o mo tsositse bafung.


tsatsing leo Modimo o tla ahlola disatsejweng tsa batho ka Jesu Kreste, jwalokaha Evangeli yaka e ruta.


Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.


Ke o laela ke hona haholo pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tlang ho ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang ka mmuso wa hae, ke re:


le wa thuto ya dikolobetso, le wa peo ya matsoho, le wa tsoho ya bafu, le wa kahlolo ya ho sa feleng.


Haele mahodimo a jwale le lefatshe la jwale, di boloketswe mollo ke lentswe lona leo, di boloketswe letsatsi la kahlolo, le la tshenyeho ya batho ba nyefolang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ