Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ha re le moloko wa Modimo, ha re a tshwanela re ka lekanya hore Modimo o ka tshwana le kgauta, leha e le silefera, leha e le lejwe le betlilweng ka masene le ka kgopolo ya motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 “Kaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho hopola hore bomodimo bo tshwana le kgauta, silefera kapa lejwe le betlilweng ka tsebo le ka bohlale ba motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Ha ho le jwalo, erekaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho nahana hore Bomodimo bo tshwana le kgauta, kapa silefera, kapa lejwe, tse betlilweng ka bonono le maqheka a batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Ha ho le jwalo, erekaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho nahana hore Bomodimo bo tshwana le kgauta, kapa silefera, kapa lejwe, tse betlilweng ka bonono le maqheka a batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a lahletse medimo ya tsona mollong; hobane e be e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


kganya ya bona ba e fetola setshwantsho sa kgomo e fulang jwang.


O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho se le seng sa tse hodimo mahodimong, leha e le sa tse tlase lefatsheng, leha e le sa tse metsing katlase ho lefatshe.


Yena a a amohela matsohong a bona, a seta kgauta ka moseto, mme a etsa namane e tsholotsweng. Ba re: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


Ha ho le jwalo, le tla ntekanya le mang, hore ke tshwane le yena, ho botsa Mohalaledi?


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ