Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 ha o sebeletswe ke batho ka matsoho, jwaloka hoja o hloka letho, kanthe ke wona o fang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Hape ha a hloke ho sebeletswa ka matsoho a batho, jwaloka hoja a hloka ho hong, hobane ke yena ya neang bohle bophelo, moya le dintho tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Ha o sebeletswe ke matsoho a batho, jwaloka hoja o hloka letho, kahobane ke wona o neang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Ha o sebeletswe ke matsoho a batho, jwaloka hoja o hloka letho, kahobane ke wona o neang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:25
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.


eo meya ya tse phelang kaofela e leng letsohong la hae, le phefumoloho ya batho bohle?


Na motho a ka etsetsa Modimo molemo ka ntho e nngwe na? Tjhe, le ho leka; motho ya bohlale o molemo ho yena a nnotshi.


ha ke ntse ke phela, mme phefumoloho ya Modimo ha e sa ntse e le dinkong tsa ka,


Moya wa Modimo o nkentse, pudulo ya Ya matla wohle e a mphedisa.


Hola o ikgopola o le mong, hola o boela o inkela moya wa wona le pululo ya wona,


Ke itse ho Jehova: Ke wena Morena wa ka; kantle ho wena ha ke na leruo le fetisang ka boholo.


Ho itswe ke Modimo Jehova, ya entseng mahodimo, ya a phutholotseng, ya anehileng lefatshe le dimela tsa lona; ya neileng batho ba ho lona phefumoloho, le moya ho ba tsamayang teng:


Hobane nke ke ka tseka ka ho sa feleng, le ho halefa ka ho sa yeng kae, hobane pelo ya motho e ne e ka timela pela ka, le yona meya eo ke e entseng.


Yaba morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia ka sephiring, a re: Ka Jehova ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya, leha e le ho o neela matleng a batho ba batlang bophelo ba hao.


Boporofeta ba lentswe la Jehova hodima Iseraele: Ho itswe ke Jehova ya alang mahodimo, ya theang lefatshe, ya bopang moya wa motho ka ho yena:


Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?


Jehova, Modimo wa meya ya nama yohle, a ke a bee hodima phutheho monna


le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo.


Empa eyang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.


Leha ho le jwalo, ha o a ka wa phetsa ho itsebahatsa ho rona ka dipontsho, ka ho etsa batho hantle, wa re sitsa ka dipula tsa lehodimo le ka dilemo tsa nala, mme wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.


Hobane ke ka yena re utlwang, re sisinyehang, re leng teng; jwalokaha baroki ba bang ba ho lona ba itse: Re moloko wa hae ka sebele.


Kapa ke mang ya mo fileng pele, ho tle ho busetswe ho yena?


o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae, mme o mo kgomarele; hobane ke yena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao, o tle o ahe lefatsheng leo Jehova a anetseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, hore o tla ba nea lona.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ