Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane ba fete ka Amfipolise le Apolonia, ba tla Thesalonika, moo sinagoge ya Bajuda e neng e le teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ha ba fetile Amfipolese le Apolonia, ba fihla Thesalonika, moo ho neng ho ena le ntlo ya thapelo ya Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Eitse ha ba haola le Amfipolise le Apolonia, ba fihla Thesalonika, moo sinagoge ya Bajuda e neng e le teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse ha ba haola le Amfipolise le Apolonia, ba fihla Thesalonika, moo sinagoge ya Bajuda e neng e le teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:1
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pauluse le Barnabase, ha ba le Ikone, ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bolela lentswe teng, ha ba ha dumela bongata bo boholo ba Bajuda le ba Bagerike.


Hobane haele Moshe, haesale le mehleng ya kgale, o na le ba mmolelang metseng yohle, mme o balwa masinagogeng ka matsatsi wohle a Sabatha.


Yare ka letsatsi la Sabatha, ra tswa motseng, ra ya pela noka, moo ho neng ho lemaletswe ho rapelwa teng, mme ha re se re dutse, ra bua le basadi ba phuthehetseng teng.


Empa bosiu, baena ba phakisa ba isa Pauluse le Silase Berea. Hobane ba fihle teng, ba kena sinagogeng ya Bajuda.


Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?


Empa Bajuda ba Thesalonika, yare ha ba tseba hobane lentswe la Modimo le bolelwa le Berea ke Pauluse, ba tla le teng, ba ferekanya setjhaba.


A felehetswa ho ya fihla Asia ke Sopatere wa Berea, le Aristarke le Sekundo le Gaiuse bao e leng ba Thesalonika; le Timothea wa Derba, le Tikike, le Trofime, bao e leng ba Asia.


Ra kena sekepeng sa Adramite, se neng se tla leba nqa mabopong a Asia, ra tloha, re ena le Aristarke wa Thesalonika, motse wa Masedonia.


Esitile leha ke le Thesalonika, le nthometse hang le habedi seo ke neng ke se hloka.


Ke le Pauluse, ke ena le Silfane le Timothea, ke ngolla kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntate, le ho Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!


Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo.


Nna Pauluse, ke ena le Silfane le Timothea, ke ngolla kereke ya Bathesalonika e ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste, ke re:


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ