Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Molebedi wa teronko a bolella Pauluse taba eo, a re: Babusi ba rometse hore le leswe, le ikele; jwale, le ka tswa, la ikela ka kgotso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Jwale molebedi wa tjhankana a tsebisa Paulosi taba ena, a re: “Baahlodi ba laetse hore le lokollwe; ka baka leo tswang, le ye ka kgotso.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

36 Molebedi wa tjhankana a bolella Pauluse taba tseo, a re: Maseterata a rometse hore le lokollwe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Molebedi wa tjhankana a bolella Pauluse taba tseo, a re: Maseterata a rometse hore le lokollwe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:36
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha a re ho yena: Eya ka kgotso. A mo tlohela jwalo, a tsamaya sebakanyana.


Yaba Moshe o a tsamaya, a boela ho Jethro mohwehadi wa hae, a re ho yena: Ako ntumelle, nke ke boele ho banabeso ba Egepeta, ke bone hore na ba sa ntse ba phedile na. Jethro a re ho Moshe: Tsamaya ka kgotso.


Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.


Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.


Eitse hobane ba hlole teng matsatsi a se makae, ba kgutlisetswa ke baena ka kgotso ho baapostola.


Eitse hobane ba ba ntshe maqeba a mangata, ba ba kenya teronkong, mme ba laela molebedi wa teronko ho ba lebela haholo.


Yaba molebedi wa teronko o tsoha borokong, mme ha a bona menyako ya teronko e butswe, a pshemola sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho re, ba tlamilweng ba balehile.


Yare hobane bo se, babusi ba romela ho yena bahlanka ba bona, ba re: Lesa batho bao ba ikele.


Moprista a re: Eyang ka kgotso; leeto la lona leo le le nkileng le pela Jehova.


Ebile moo Eli a arabang, a re: Ikele ka kgotso, mme Modimo wa Iseraele o o fe seo o se kopileng ho wona.


Jonathane a re ho Davida: eya ka kgotso; re hlapantse ba babedi ka lebitso la Jehova hore Jehova o tla ba mahareng a ka le wena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.


Davida a amohela matsohong a Abigaile seo a mo tliseditseng sona, a re ho yena: Eya hae ka kgotso; bona, ke utlwile lentswe la hao, mme ke o hauhetse.


Ha ho le jwalo, kgutla, o ikele ka kgotso, o tle o se ke wa halefisa marena a Bafilesta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ