Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 A ba isa ka tlung ya hae, a bea dijo pela bona, mme a thaba kahobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 A ba isa tlung ha hae, a ba fepa, a nyakalla le ba lelapa la hae bohle, kahobane ba dumetse ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 A ba isa tlung ya hae, a ba abela dijo, mme a thaba le bohle ba ntlo ya hae, kahobane a dumetse ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 A ba isa tlung ya hae, a ba abela dijo, mme a thaba le bohle ba ntlo ya hae, kahobane a dumetse ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:34
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane le tla tloha ka thabo, le tsamaiswe ka kgotso; dithaba le maralla di tla ntsha mehoo ya nyakallo pela lona, difate tsohle tsa naha di ope diatla.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Empa re ne re tshwanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enwa, ngwaneno, o na be a shwele, mme o bile o pholohile; o na be a lahlehile, mme o bile o fumanwe.


Yaba o phakisa a theoha, a mo amohela ka thabo.


Levi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme ho ne ho le sehlopha se seholo sa balekgetho, le sa ba bang ba dutseng le bona dijong.


Ke yena ya tla o bolella taba tseo o tla bolokeha ke tsona, wena le ntlo ya hao kaofela.


Yare hobane a kolobetswe le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ha ekaba le ahlotse hore ke ya dumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ya ka, le dule teng. Mme a re tiisetsa matla.


Yare hobane bo se, babusi ba romela ho yena bahlanka ba bona, ba re: Lesa batho bao ba ikele.


Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,


Eitse ha ba tloha metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le a ka la hlola le sa mmona; la mpa la tswela pele tseleng ya lona le thabile.


Jwale, Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso yohle tumelong, tshepo ya lona e tle e ekeletswe ka matla a Moya o Halalelang.


Mme hase hoo feela, empa hape re ithorisetsa ho Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona, eo jwale re boneng poelano ka yena.


e leng yena eo hape re boneng ka yena, ka tumelo, katamelo mohaung ona, oo re emeng ho wona, mme re ithorisetsa tshepong ya kganya ya Modimo.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.


Hase hoba ke batla dimpho, empa ke batla ditholwana tse ka le atelang ho le ruisa.


Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.


Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.


Bana ba ka, re se ke ra rata ka dipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ