Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Empa bosiu bo boholo, Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela; mme ba kwaletsweng le bona ba ne ba ba mamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Eitse hara mpa ya bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela, mme batshwaruwa ba ne ba ba utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Eitse hara mpa ya bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela, mme batshwaruwa ba ne ba ba utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:25
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha ho ya botsang, a re: Modimo, Mmopi wa ka, o kae,


Ka bosiu, ke hopola lebitso la hao, Jehova, ke boloka molao wa hao.


Ke tsoha bosiu bo boholo ho o rorisa, bakeng sa dikahlolo tsa ho loka ha hao.


Modimo wa ka, ke bitsa motshehare, mme ha o arabe; le bosiu, mme ha ke bone phomolo.


Ke tla rorisa Jehova kamehla; thoko ya hae e tla ba molomong wa ka kamehla.


Leha ho le jwalo Jehova o tla ntshitsa motshehare ka mohau wa hae, mme bosiu thoko ya hae e tla ba molomong wa ka, ke rapele Modimo wa bophelo ba ka.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Ho ba bangata ke ka mohlolo; empa wena o setshabelo sa ka se matla.


Ka letsatsi la ka la matswalo ke batla Morena, ka bosiu matsoho a ka a otlolohile, a sa kgathale; moya wa ka o hana tshediso.


Bosiu ke elellwa dipina tsa ka, ke losa pelong ya ka, mme moya wa ka o a nahana.


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Le tla bina jwalokaha ho binwa ka bosiu ba mokete, pelo tsa lona di thabe ka thabo e tshwanang le ya ba tsamayang ka molodi wa phala, ha ho uwa thabeng ya Jehova, lefikeng la Iseraele.


Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!


Eitse ha a le matswalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; mme dikgororo tsa hae tsa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.


Yaba baapostola le baholo, ba ena le kereke kaofela, ba bona hobane ho a tshwanela ha ho ka kgethwa banna hara bona, ba tla romelwa Antioke le Pauluse le Barnabase; ha kgethwa Juda, ya reilweng Barsabase, le Silase, banna ba tshepilweng hara baena.


Yare beng ba hae ha ba bona hobane ba senyehetswe ke tshepo ya ho rua, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela kgotla pela babusi.


A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a hlatswa maqeba a bona, mme a kolobetswa kapele, yena le ba ntlo ya hae kaofela.


Baapostola ba tloha kgotla, ba thabile kahobane ba entswe ba tshwanelwang ke ho hlabiswa dihlong ka baka la lebitso la Jesu.


Thabelang tshepong, le mamelle matshwenyehong, le tiye thapelong.


Hase hoo feela, empa re ithorisetsa le matshwenyehong, re tswe re tseba hobane tshwenyeho e hlahisa mamello,


jwaloka hoja re hlomohile, athe re thabile kamehla; jwaloka hoja re a fumaneha, athe re ruisa ba bangata; jwaloka hoja ha re na letho, athe re ruile ntho tsohle.


Buisanang ka dipesalema, le ka difela, le ka dipina tsa moya, mme le binele Morena, le mo dudueletse ka dipelong tsa lona.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Banabeso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata;


E mong hara lona ha a le mahlomoleng, a rapele. E mong ha a thabile, a bine difela.


Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ