Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yare hobane a kolobetswe le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ha ekaba le ahlotse hore ke ya dumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ya ka, le dule teng. Mme a re tiisetsa matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Eitse hobane a kolobetswe, le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ekare ha le mpone ke le ya dumetseng ho Morena, kenang tlung ya ka, le hlole teng. Mme a re qobella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Eitse hobane a kolobetswe, le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ekare ha le mpone ke le ya dumetseng ho Morena, kenang tlung ya ka, le hlole teng. Mme a re qobella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:15
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa a ba phehella haholo, ba ba ba fapohela ho yena, ba kena ka tlung ya hae; mme a ba etsetsa selallo, a ba apehela dinkgwana tse se nang ditomoso, mme ba eja.


Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.


Mohlomong, Elisha a ya le Shuneme; ha bo ho le mosadi wa mofumahadi teng, a mo phehella ho ja bohobe. Enere ha a ntse a feta le teng, o ne a fapohela ha hae ho ja bohobe.


Ya amohelang moporofeta, kahoba a ena le lebitso la moporofeta, o tla newa moputso wa moporofeta; le ya amohelang ya lokileng, kahoba a ena le lebitso la ya lokileng, o tla newa moputso wa ya lokileng.


mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.


Morena a re ho mohlanka: Tswela ditseleng le pela metero, mme o kganne batho, ba kene, ntlo ya ka e be e tlale.


Ba mo qophella, ba re: Hlola le rona, hobane e se e le mantsiboya, le letsatsi le se le rapame. A ba a kena, a dula le bona.


Ke yena ya tla o bolella taba tseo o tla bolokeha ke tsona, wena le ntlo ya hao kaofela.


Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao!


A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a hlatswa maqeba a bona, mme a kolobetswa kapele, yena le ba ntlo ya hae kaofela.


A ba isa ka tlung ya hae, a bea dijo pela bona, mme a thaba kahobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.


Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.


Empa, eitse hobane ba dumele Filipi ya ba bolellang ditaba tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, banna le basadi ba kolobetswa.


Yare hoba a laele hore koloi e eme, ba theohela metsing hammoho, Filipi le letona, mme Filipi a le kolobetsa.


Gaiuse, moamohedi wa ka le wa kereke yohle, o a le dumedisa. Eraste, molotolotsi wa motse, o a le dumedisa, le Kwartuse, ngwanabo rona.


Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.


Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, e leng ba dumetseng ho Jesu Kreste, ke re:


Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.


Jwale he, ha ke le motswalle wa hao, mo amohele hle, jwaloka hoja e le nna.


Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.


Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka Silfane, e leng ngwanabo lona ya tshepehang, ha ke lekanya, ke ntse ke le kgothatsa, mme ke omela hore mohau wa sebele wa Modimo ke wona oo le emeng ho wona.


Ekare ha e mong a etla ho lona, mme a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lona, mme le se ke la mo dumedisa!


Moratuwa, o etsa ka bokgabane ho tsohle tseo o di etsetsang baena le baeti.


Efela re tshwanetse ho amohela ba jwalo, hore re sebedisane le nnete.


A hana, a re: Nke ke ka ja. Bahlanka ba hae hammoho le mosadi ba mpa ba mo phehella, a ba a utlwa, a tsoha fatshe, a dula malaong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ