Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mosadi e mong ya bitswang Lidia, mohwebi wa purepera, wa motse wa Thiatire, ya tshabang Modimo, a mamela; Morena a bula pelo ya hae hore a ele ditaba tse bolelwang ke Pauluse hloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Mosadi e mong wa motse wa Thiatira, ya bitswang Lidia, ya rekisang masela a perese, ya tshabang Modimo, a mamela, mme Morena a bula pelo ya hae hore a ele hloko tse bolelwang ke Paulosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Jwale mosadi e mong ya bitswang Lidia, morekisi wa diaparo tse pherese, wa motseng wa Thiatire, ya tshabang Modimo, ya neng a rapela Modimo, a re utlwa, eo pelo ya hae e neng e bulehile, hore a ele hloko tse bolelwang ke Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Jwale mosadi e mong ya bitswang Lidia, morekisi wa diaparo tse pherese, wa motseng wa Thiatire, ya tshabang Modimo, ya neng a rapela Modimo, a re utlwa, eo pelo ya hae e neng e bulehile, hore a ele hloko tse bolelwang ke Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:14
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Moratuwa wa me a kenya letsoho la hae ka lesobeng la monyako, mme pelo ya me ya mo opela.


Morena Jehova o nthibolotse ditsebe, mme ha ke a ka ka hana, leha e le ho sutha kasanthao.


Ya eba hona a bulang kutlwisiso ya bona, hore ba utlwisise Mangolo.


Ha bo ho le Bagerike hara ba tlileng moketeng ho rapela.


E ne e le motho wa borapedi, ya tshabang Modimo, yena le ba ntlo ya hae bohle; o ne a thusa haholoholo bafumanehi ba hara setjhaba, mme o ne a sa phetse ho rapela Modimo.


Letsoho la Morena la eba le bona, mme batho ba bangata ba dumela, ba sokolohela ho Morena.


Eitse ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata, le Baporoselite ba sebeletsang Modimo, ba latela Pauluse le Barnabase; bao, yare ha ba bua le bona, ba ba kgothatsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.


Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba hlomphuwang, ba tshabang Modimo, le baholo ba motse; ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Yare hobane ba tswe teronkong, ba ya ha Lidia, ba tshedisa baena; ba ntoo tloha.


Eitse ha a etswa teng, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e tshwarane le sinagoge.


Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa maruo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela;


Ka baka leo, hase taba ya ya ratang, leha e le ya ya mathang, empa e le ya Modimo o hauhelang.


hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.


Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ