Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ha re tloha teng, ra ya Filipi, e leng motse wa pele naheng ya Masedonia, hape e leng koloni ya Roma; mme ra hlola matsatsi a mang motseng oo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo eo ya Masedonia, o buswang ke Roma. Ra qeta matsatsinyana motseng oo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo ya Masedonia, e leng koloni; mme ra hlola matsatsi a itseng motseng oo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo ya Masedonia, e leng koloni; mme ra hlola matsatsi a itseng motseng oo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:12
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha a bone pono eo, ra itokisetsa hang ho ya Masedonia ka ho re, Morena o re bileditse teng, ho ya ba bolella Evangeli.


ba ruta mekgwa eo re sa tshwaneleng ho e amohela, leha e le ho ya ka yona, kahobane re Baroma.


Teng pono ya hlahela Pauluse bosiu: monna e mong wa Masedonia o ne a le teng, a eme pela hae, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.


Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


Kamora tseo, Pauluse a rera, ka kgopotso ya Moya, ho ya Jerusalema, ka tsela ya Masedonia le ya Akaea, a re: Etlare ha ke ile teng, e ka kgona ke bone le Roma.


Motse kaofela wa ba wa tlala moferefere; ba phallela theatereng hammoho hobane ba tshware Gaiuse le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse.


Eitse hobane moferefere ona o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa, a ba dumedisa, a ntoo tloha, a ya Masedonia.


A dula teng kgwedi tse tharo; mme ha a se a ya tloha ka sekepe ho ya Siria, a eletswa ho kgutla ka la Masedonia, kahobane Bajuda ba ne ba mo laletse.


Haele rona, ra kena sekepeng motseng wa Filipi, matsatsi a mahobe a se nang ditomoso ha a se a fetile, mme ra ya ba fihlela Troase kamora matsatsi a mahlano, ra ba ra dula teng matsatsi a supileng.


Ra kena sekepeng sa Adramite, se neng se tla leba nqa mabopong a Asia, ra tloha, re ena le Aristarke wa Thesalonika, motse wa Masedonia.


Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.


Re le Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba Filipi ba leng ho Jesu Kreste, le balebedi, le bahlanka ba kereke, re re:


kahobane le fela le kgomaretse Evangeli, haesale mohla le qalang ho e utlwa, ho fihlela jwale.


Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ