Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 15:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha o a ka wa kgetha mahareng a rona le bona, hobane o hlwekisitse dipelo tsa bona ka tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ha a a ka a kgetholla pakeng tsa rona le bona, o hlwekisitse dipelo tsa bona hobane ba ile ba dumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Mme ha a ka a bea phapang mahareng a rona le bona, a hlwekisa dipelo tsa bona ka tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme ha a ka a bea phapang mahareng a rona le bona, a hlwekisa dipelo tsa bona ka tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 15:9
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho Modimo, o bope kahare ho nna pelo e hlwekileng, o boele o lokise kahare ho nna moya o tiileng!


Le tla le laola ka lotho ho iketsetsa dikoto tseo e tla ba mafa a lona, le a baditjhaba ba ahileng hara lona, e leng baditjhaba ba tswetseng bana ha eno; ho lona ba tla ba jwaloka batala baneng ba Iseraele; ba tla laolelwa lefa la bona hara meloko ya Iseraele ka lotho hammoho le lona.


Lentswe la eketsa la re ho yena la bobedi: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re, di ditshila.


A re ho bona: Le a tseba hobane motho wa Mojuda ha a dumellwe ho kopana le moditjhaba, leha e le ho kena ha hae; empa Modimo o nkeleditse hobane ke se ke ka re, motho e mong o ditshila, leha e le ho re, ha a hlweka.


Yaba Petrose o ahlamisa molomo, a re: Ke lemoha ka nnete hore Modimo ha o ye ka tshobotsi ya batho.


Moya wa mpolella, hore ke ye le bona, ke sa kganane. Baena bana ba tsheletseng ba ya le nna le bona, mme ra kena tlung ya monna eo.


Pauluse le Barnabase, ha ba le Ikone, ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bolela lentswe teng, ha ba ha dumela bongata bo boholo ba Bajuda le ba Bagerike.


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng ditjhaba monyako wa tumelo kateng.


e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;


Mme jwale, keng? Hleka re fetisa baditjhaba na? Tjhe, le hanyenyane; hobane re se re bontshitse pele hore bohle, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, ba sebeng,


Ke kahoo o re bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba;


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


Motho ha a bitsitswe a bolotse, a se ke a ipusetsa boqaing; motho ha a bitsitswe a eso ho ka a bolla, a se ke a bolla.


Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;


Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.


Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ