Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 15:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Baapostola le baholo ba bokana ho rerisana taba eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Jwale baapostola le baholo ba kopana ho hlahlobisana taba ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Baapostola le baholo ba bokana ho buisana ka taba ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Baapostola le baholo ba bokana ho buisana ka taba ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 15:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moo ho eletsana ho leng siyo, merero e a qhalana, empa e tiya ke ho rerisana ha ba bangata.


Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.


Ba fela ba etsa hoo, mme ba di romela ho baholo ba phutheho ka matsoho a Barnabase le Pauluse.


Pauluse le Barnabase ba fetolana le bona haholo, ba tsekisana le bona ka matla, ha ba ha rerwa hore Pauluse le Barnabase ba tla ya Jerusalema, ba ena le ba bang ba bona, ho ya botsa baapostola le baholo bakeng sa taba eo.


Yaba baapostola le baholo, ba ena le kereke kaofela, ba bona hobane ho a tshwanela ha ho ka kgethwa banna hara bona, ba tla romelwa Antioke le Pauluse le Barnabase; ha kgethwa Juda, ya reilweng Barsabase, le Silase, banna ba tshepilweng hara baena.


eitse hobane re dumellane ka pelo e le nngwe, re bone tshwanelo ya ho kgetha banna, le ho ba romela ho lona, ba ena le barutuwa ba rona, Pauluse le Barnabase,


Yare ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa hantle ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo; mme ba ba bolella tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona.


Ha ba ntse ba eya le metse, ba ne ba laela baena ho boloka melao e beilweng ke baapostola le baholo ba Jerusalema.


Hosasane, Pauluse a ya le rona ha Jakobo; baholo bohle ba ne ba phuthehetse teng.


Yaba ba leshome le metso e mmedi ba bitsa barutuwa bohle, ba re: Ha ho a tshwanela hore re lese ho bolela lentswe la Modimo ka baka la ho aba dijo ditafoleng.


Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.


Hopolang badisa ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo, mme le etsise tumelo ya bona, le ntse le lemoha qetello ya ho phela ha bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ