Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 15:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Haele Pauluse, yena a ikgethela Silase, mme a tloha, hobane a laeletswe mohaung wa Morena ke baena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 Yare hoba Paulosi a kgethe Silase, a tloha a beilwe kalosong ya mohau wa Morena ke badumedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

40 Pauluse a ikgethela Silase, mme a tloha, a laeleditswe mohaung wa Modimo ke baena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Pauluse a ikgethela Silase, mme a tloha, a laeleditswe mohaung wa Modimo ke baena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 15:40
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.


Yare hobane ba itime dijo, ba rapele, ba ba bea matsoho, mme ba ba roma.


Ha ba tloha teng, ba kgutlela Antioke ka sekepe, e leng moo ba neng ba laeleditswe mohaung wa Modimo, ho ya mosebetsing oo ba sa tswa o phetha.


Yaba baapostola le baholo, ba ena le kereke kaofela, ba bona hobane ho a tshwanela ha ho ka kgethwa banna hara bona, ba tla romelwa Antioke le Pauluse le Barnabase; ha kgethwa Juda, ya reilweng Barsabase, le Silase, banna ba tshepilweng hara baena.


Juda le Silase le bona, e neng e le baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.


Yare beng ba hae ha ba bona hobane ba senyehetswe ke tshepo ya ho rua, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela kgotla pela babusi.


Ba bang hara bona ba dumela, ba kgomarela Pauluse le Silase, ba ena le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang Modimo, le basadi ba hlomphuwang ba bangatanyana.


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le hahisa, le ho le nea lefa hammoho le bahalaledi bohle.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.


Morena Jesu Kreste a be le moya wa hao! Mohau o be le lona! Amen!


Ba ho nna ba o dumedisa bohle. Dumedisa ba re ratang tumelong. Mohau o be le lona bohle! Amen!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ