Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 15:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 hore batho ba setseng ba batle Morena, le tsona ditjhaba kaofela, tseo lebitso la ka le rapelwang hodima tsona; ho rialo Morena ya etsang dintho tseo tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 hore batho bohle ba tle ba batle Morena, esita le baditjhaba bohle ba reng ka nna,’ “ho rialo Morena ya etsang tsena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 E le hore masala a batho a batle Morena, le ditjhaba tsohle tse bitswang hodima tsona, ho rialo Morena, ya etsang tsena tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 E le hore masala a batho a batle Morena, le ditjhaba tsohle tse bitswang hodima tsona, ho rialo Morena, ya etsang tsena tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 15:17
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane o mametse lentswe la ka.


e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.


Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.


e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, hobane ke ba etseditse kganya ya ka; ke nna ke ba entseng, ke ba bopileng.


Re fetohile setjhaba se jwaloka tseo o sa kang wa di busa, tse sa kang tsa bitswa ka lebitso la hao.


Ke batlwa ke ba neng ba sa botse taba tsa ka, ke fumanwa ke ba neng ba sa mpatle; ka re ho setjhaba se neng se sa ipitse ka lebitso la ka: Ke nna enwa, ke nna enwa!


Na o rata keng ho ba jwaloka motho ya maketseng, jwaloka senatla se sitwang ho pholosa? Kanthe Jehova, o ntse o le hara rona, lebitso la hao le ntse le bitswa hodima rona; o se ke wa re tlohela.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Morena, ako mamele! Morena, o tshwarele! Morena, o ele hloko, o etse! Se diehe, ka baka la hao, Modimo wa ka, etswe motse wa hao le setjhaba sa hao di bitsitswe ka lebitso la hao!


Ke tla itjalla yena lefatsheng; mme ke tla hauhela Lo-Ruhama, ke tla re ho Lo-Ammi: O setjhaba sa ka; mme yena o tla re ho nna: O Modimo wa ka.


mme ho tla bolokeha e mong le e mong ya rapelang lebitso la Jehova; hobane thabeng ya Sione le Jerusalema ba phonyohileng ba tla ba teng, jwalokaha Jehova a boletse; mme ho ba phetseng, ba bang ke ba tla bitswa ke Jehova.


ba tle ba rue ho setseng ha Edomo, le ditjhaba tsohle tse tla bitswa ka lebitso la ka, ho bolela Jehova, yena ya tlang ho etsa tseo.


Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.


Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Balaame a porofeta hape, a re: Jo! ke mang ya tla phela, ha Modimo o se o entse hoo?


Ke ka mokgwa o jwalo ba tla bea lebitso la ka hodima bana ba Iseraele, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bona hoba o bitswa ka lebitso la Jehova, mme di tla o tshaba.


Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle leo le bitswang ka lona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ