Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 15:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ba bang ba neng ba etswa Judea, ba ruta baena, ba re ho bona: Ekare ha le sa bolle ka mokgwa wa Moshe, ha le ka ke la bolokeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Batho ba bang ba neng ba theoha Judea ba ne ba ruta badumedi, ba re: “Ha le sa bolotswe ka moetlo wa Moshe, le ke ke la pholoswa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Banna ba bang ba theohang Judea, ba ruta badumedi, ba re: “Ha le sa bolle ka mokgwa wa Moshe, le ke ke la pholoswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Banna ba bang ba theohang Judea, ba ruta badumedi, ba re: “Ha le sa bolle ka mokgwa wa Moshe, le ke ke la pholoswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 15:1
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ngwana o tla bolotswa, ho pongwe nama ya ntlha ya pejana ya hae.


Moshe o le file lebollo — hase hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho bontate moholo, — mme le bolotsa motho ka Sabatha.


Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


Yaba baapostola le baholo, ba ena le kereke kaofela, ba bona hobane ho a tshwanela ha ho ka kgethwa banna hara bona, ba tla romelwa Antioke le Pauluse le Barnabase; ha kgethwa Juda, ya reilweng Barsabase, le Silase, banna ba tshepilweng hara baena.


Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, dumelang, lona baena ba ditjhaba tsa Antioke, tsa Siria, le tsa Silisia!


Erekaha re utlwile hobane ba bang ba tswileng ho rona ba le tshositse ka dipolelo tsa bona, ba sisinya meya ya lona, ba re, le bolle, mme le boloke molao, athe ha re a ka ra ba laela;


Yare ha ba romilwe jwalo ke kereke, ba ya ka la Fenisia le la Samaria, ba ntse ba bolela tshokoloho ya baditjhaba; baena kaofela ba ne ba thabela hoo haholo.


Juda le Silase le bona, e neng e le baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.


Yaba ba bang ba thuto ya bafarisi ba dumetseng ba ema, ba re: E ka kgona baditjhaba ba bolle, mme ba laelwe ho boloka molao wa Moshe.


Jwale, ha ba utlwa taba tseo, ba tlotlisa Morena; ba mpa ba re ho yena: Ngwaneso, o ka bona bongata ba dikete tsa Bajuda ba dumetseng; hape ba sa tjhesehela molao kaofela ha bona.


hobane re mo utlwile a bolela hore Jesu eo wa Nasaretha o tla fedisa nqalo ena, a fetole le mekgwa eo re e neilweng ke Moshe.


Yare hoba dilemo tse leshome le metso e mene di fete, ka boela ka nyolohela Jerusalema le Barnabase, re nkile Tite le rona;


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ba le phehella ho bolla, hore ba tle ba se ke ba hlorisetswa sefapano sa Kreste.


Ka baka leo, motho a se ke a le nyatsa tabeng ya ho ja le ya ho nwa, leha e le tabeng ya mekete, le ya dikgwedi tse ntjha, le ya disabatha,


Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ