Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 14:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Leha ho le jwalo, ha o a ka wa phetsa ho itsebahatsa ho rona ka dipontsho, ka ho etsa batho hantle, wa re sitsa ka dipula tsa lehodimo le ka dilemo tsa nala, mme wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Leha ho le jwalo, ha o a ka wa itlohela a se na bopaki, ka ho etsa se molemo, wa re nea pula e tswang lehodimong, le dihla tsa nala, wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Leha ho le jwalo, ha o a ka wa itlohela a se na bopaki, ka ho etsa se molemo, wa re nea pula e tswang lehodimong, le dihla tsa nala, wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 14:17
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora matsatsi a mangata, lentswe la Jehova la tlela Elia, e le ka lemo sa boraro, la re: Eya, o itlhahise ho Akabe ke se ke tla nesa pula lefatsheng.


Ba nka metse e marako le naha e nonneng, ba rua matlo a tletseng menono ya mefuta yohle, le didiba tse tjhekilweng, le merara, le mehlwaare, le difate tse ngata tse beang ditholwana; ba eja, ba kgora, ba nona, mme ba phela menyakeng yohle ka baka la molemo wa hao o moholo.


Ke tseo o otlang batho ka tsona; ke tseo o hlahisang nala ka tsona.


O re ho lehlwa: Kgethehela lefatsheng! O rialo le ho pula le ho dikgohola tse kgolo.


O tshollela pula lefatsheng, o mathisa metsi masimong;


Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ya hae e aparetse mesebetsi yohle ya hae.


Pelong ya ka o nneile nyakallo e fetisang ya bona, mohla mabele a ba atetseng le veine.


Wena mohale, o ithorisa keng ka bolotsana ba hao? Mohau wa Modimo ke wa kamehla.


Empa, bonang, ke thabo le menyaka, ho hlajwa dikgomo, ho hlajwa dinku, ho jewa dinama, ho nowa veine; ho thwe: A re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


Na ha le a ka la tseba, ha le a ka la utlwa na? Na ha le a ka la bolellwa esale ho qaleng? Na ha le eso ho lemohe ho thewa ha lefatshe na?


ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.


Na e mong a ka ba teng hara mafeela a ditjhaba ya nesang pula? Kapa a mahodimo a teng a neang dipula? Na hase wena, Jehova, Modimo wa rona? Le hona re ntse re itshepetse wena, hobane ke wena ya etsang tseo kaofela.


Ha ba ipolelle pelong tsa bona ka ho re: Re tshwanetse ho tshaba Jehova, Modimo wa rona, ya re neang pula ya tsheola le ya hwetla nakong ya yona, ya re bolokelang diveke tse beilweng tsa ho kotula.


Bona le ba ka mathoko ho leralla la ka, ke tla ba etsetsa hlohonolofatso; ke tla nesa pula ka nako ya yona; dikgohola di tla ba teng tsa mahlohonolo.


Le lona bana ba Sione, thabang, le be le nyakallele ho Jehova, Modimo wa lona, hobane o tla le nea ya le rutang ho loka, o ya le nesetsa dipula tse kgolo, dipula tsa hwetla le tsa selemo; ke yona qalo.


ke tla le fa dipula ka nako ya tsona; lefatshe le tla hlahisa dijo tsa lona, mme difate tsa naha di tla beha ditholwana tsa tsona.


le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo.


Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.


Empa leha ba ne ba bolela taba tseo, ba batla ba sitwa ho thibela batho hore ba se ke ba ba hlabela.


O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;


ke tla nesetsa naha ya lona pula, nakong e tshwanelehang, pula ya tsheola le pula ya hwetla, o tle o kotule koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao.


Jehova o tla o bulela letlotlo la hae le molemo la mahodimo, a nesetse lefatshe la hao pula nakong ya teng, a hlohonolofatse mesebetsi yohle ya matsoho a hao; o tla namelwa ke ditjhaba tse ngata, empa wena ha o ka ke wa nama.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ