Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:51 - Sesotho 1909/1961 (SO)

51 Yaba ba hlohlora lerole le maotong a bona, ba ya Ikone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

51 Yaba bona ba ba hlohlorela lerole le maotong a bona, ba ya Ikonione.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

51 Empa bona ba ba hlohlorela lerole la maoto a bona, ba ya Ikonio.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

51 Empa bona ba ba hlohlorela lerole la maoto a bona, ba ya Ikonio.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:51
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong le e mong ya sa le amoheleng, le polelo tsa lona a sa di utlwe, ha le etswa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerole la maoto a lona.


Bohle ba hanang ho le amohela, le ho le utlwa, ha le etswa ha bona, le hlohlore lerole le maotong a lona, e be bopaki ho bona.


Esita lona lerole la motse wa lona, le kgomaretseng maoto a rona, re le hlohlorela ho lona; leha ho le jwalo, le tsebe hobane mmuso wa Modimo o atametse ho lona.


Haele bohle ba sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole la dieta tsa lona, e be bopaki ho bona.


Pauluse le Barnabase, ha ba le Ikone, ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bolela lentswe teng, ha ba ha dumela bongata bo boholo ba Bajuda le ba Bagerike.


Yaba ho fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikone, ba hapella batho ho bona; yaba ba tlepetsa Pauluse, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba lekanya hore o shwele.


Eitse hobane ba bolele Evangeli motseng oo, mme ba etse barutuwa ba bangata, ba kgutlela Listra, le Ikone, le Antioke,


O ne a roriswa ke baena ba Listra le ba Ikone.


Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba.


le dihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Listra, le dihloriso dife le dife tseo ke di mameletseng; empa Morena o ntwetse ho tsona kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ