Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Yaba Pauluse le Barnabase ba ba bolella pontsheng, ba re: Ho ne ho tshwanetse hoba lentswe la Modimo le bolellwe lona pele; erekaha le le hana, mme le ikahlola e le lona hore ha le a tshwanelwa ke bophelo bo sa feleng, bonang, re retelehela ho baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

46 Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

46 Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

46 Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:46
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.


Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


Leha ba ka mamela, kapa ho seng jwalo, etswe e le ntlo ya bahanyetsi, ba tla tseba hoba moporofeta o teng hara bona.


le mpe le ye dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.


Ba re ho yena: O tla timetsa ba babe bao hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e laeletsa balemi basele, ba tla mo nea ditholwana nakong ya tsona.


Ka baka leo, ke re ho lona: Mmuso wa Modimo le tla o amohuwa, mme o tla newa setjhaba se seng se tla beha ditholwana tsa wona.


Mme bona bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.


Le ne le tle habo lona, mme ba habo lona ha ba ka ba le amohela.


Lona, le rapela seo le sa se tsebeng; rona re rapela seo re se tsebang; hobane poloko e tswa ho Bajuda.


Haele bona, ba tloha Perge, ba tla Antioke wa Pisidia. Ba kena sinagogeng ka letsatsi la Sabatha, ba dula.


Banna ba heso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la poloko le rometswe ho lona.


Yare ha ba fihla Salamina, ba bolela lentswe la Modimo masinagogeng a Bajuda. Ba ne ba na le Johanne ya ba sebeletsang.


Ba bang ha ba ithatafatsa, mme ba hana ho dumela, ba nyatsa le tsela ya Morena pela bongata, a tloha ho bona, a kgetha barutuwa, a ntoo ruta ka matsatsi wohle sekolong sa e mong ya bitswang Tirano.


Yaba Morena o re ho nna: Tloha, ke tla o romela ditjhabeng hole.


empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.


Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.


Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.


Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.


Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona.


A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.


Hobane ha ke na dihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Modimo a ho pholosa mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena Mogerike.


Empa kganya le hlompheho le kgotso di be teng ho motho ka mong ya etsang hantle, ho Mojuda pele, ho isa le ho Mogerike.


Ba mpouledisitse ka seo e seng Modimo, ba nkgalefisitse ka masawana a bona; le nna ke tla ba bouledisa ka setjhaba seo e seng setjhaba, ke ba halefise ka setjhaba se se nang kelello.


Mme jwale, ba bangata ho bana babo rona Moreneng ba ekeleditswe matla a ho bolela lentswe la Modimo, ba se na tshabo, ka ho kgothahala ke ditlamo tsa ka.


ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ