Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o hodisitse setjhaba sena ha se sa aheletse lefatsheng la Egepeta; wa ba wa ba ntsha teng ka letsoho le phahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele a na a kgetha bo-ntata rona moholo, a ba etsa setjhaba se seholo ha ba ntse ba jakile naheng ya Egepeta, mme a ba ntsha teng ka letsoho le matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o phahamisitse setjhaba sena ha se ne se ahile naheng ya Egepeta, mme ka letsoho le phahameng a se ntsha teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o phahamisitse setjhaba sena ha se ne se ahile naheng ya Egepeta, mme ka letsoho le phahameng a se ntsha teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:17
42 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Jehova o ikgethetse Jakobo, Iseraele a be lefa la hae.


Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.


Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.


E tla ba pontsho letsohong la hao, le moqhaka dipakeng tsa mahlo a hao, hoba Jehova o na a re ntshe Egepeta ka letsoho le matla.


Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, morena wa Egepeta, hore a phallele bana ba Iseraele; hobane bana ba Iseraele ba ne ba tswile ka letsoho le phahameng.


Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona.


Empa jwale, mamela, Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Iseraele eo ke o kgethileng!


Hape, ke nna ke neng ke le ntshe lefatsheng la Egepeta, ka le tsamaisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le tle le rue naha ya Baamore;


Ke o ntshitse lefatsheng la Egepeta, ke o lopolotse tlung ya bohlanka, ka ba ka o etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame.


Bontatao ba ne ba theohetse Egepeta, ba le mashome a supileng, mme jwale Jehova, Modimo wa hao, o o atisitse, o bile o o entse bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo.


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, mme Jehova o o kgethile hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng hore o tle o be setjhaba sa hae sa sebele.


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?


Kahobane a ratile bontatao, o ikgethetse ditloholo tsa bona kamora bona, mme o o ntshitse Egepeta ka sebele sa hae le ka matla a hae a maholo,


Hopola meleko e meholo eo o e boneng ka mahlo a hao, le dipontsho, le mehlolo, le letsoho le matla, le letsoho le otlolohileng, tseo Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng Egepeta ka tsona: Jehova, Modimo wa hao, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.


Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Ho madimabe rona! Ke mang ya tla re namolela matsohong a medimo eo e matla? Ke yona medimo e otlileng Baegepeta ka dikotlo tsohle nahathothe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ