Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Yare hoba ba bale Molao le Baporofeta, baokamedi ba ntlo ya thapelo ba romela ho bona, ba re: “Banna ba heso, haeba le ena le lentswe le leng la ho kgothatsa batho bana, buang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Eitse hobane ho balwe Molao le Baporofeta, balaodi ba sinagoge ba romela ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le ena le lentswe la kgothatso bakeng sa setjhaba, le bolele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Eitse hobane ho balwe Molao le Baporofeta, balaodi ba sinagoge ba romela ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le ena le lentswe la kgothatso bakeng sa setjhaba, le bolele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:15
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba motho ya bitswang Jairuse, e mong wa babusi ba sinagoge, a fihla ho Jesu; ha a mmona, a itihela maotong a hae;


Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla.


Banna ba heso, ho ne ho tshwanela hore lengolo le etsahale, le porofetilweng ke Moya o Halalelang ka molomo wa Davida, le lekanyang Judase, eo e bileng motsamaisi wa ba tshwereng Jesu.


Hobane ba ahileng Jerusalema le baholo ba bona, ereka ha ba sa ka ba tseba Jesu, ditaba tsa baporofeta tse balwang ka Sabatha e nngwe le e nngwe ba di phethile ka ho mo ahlola.


Hobane haele Moshe, haesale le mehleng ya kgale, o na le ba mmolelang metseng yohle, mme o balwa masinagogeng ka matsatsi wohle a Sabatha.


Eitse hobane ba fetolane haholo, Petrose a ema, a re ho bona: Banna ba heso, le a tseba hobane e se e le kgale Modimo o nkgethile hara rona, hore ditjhaba di utlwe lentswe la Evangeli ka molomo wa ka, mme di dumele.


Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo.


Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.


Banna ba heso, ha nke ke le bolelle phatlalatsa hore mopatriareka Davida o ne a shwe, a ba a patwa; mme lebitla la hae le sa ntse le le teng hara rona ho fihela letsatsi la kajeno.


Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.


Ha a se a qetile naha eo, mme a kgothaditse baena ka dipolelo tse ngata, a ya naheng ya Bagerike.


Banna ba heso le bontate, mamelang jwale meitatolo ya ka ho lona.


Le yena Jose, ya reilweng Barnabase ke baapostola, e leng ho re, mora tshediso, ha ho fetolwa, e neng e le Molevi, ya tswaletsweng Sipera,


Setefane a re: Banna ba heso le bontate, utlwang! Modimo wa kganya o ne o ipontshe ho ntata rona Abrahama, a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Kgarane,


ya kgothatsang, a tiye kgothatsong; ya etsang dithuso, a thuse ka pelo e tshweu; ya laolang, a laole ka matla; ya etsang tsa mohau a di etse ka thabo.


Empa haele ya porofetang, o beela batho tsa kgahiso, tsa kgothatso, le tsa matshediso.


Empa dikelello tsa bona di ne di thatafatswe; hobane le jwale ha ho balwa ditaba tsa selekane sa kgale, lona lesira leo, le fediswang ke Kreste, le sa ntse le le teng, ha le eso ho ka le tloswa.


Hobane dikgothatso tsa rona hase tse tswang leshanong, leha e le ditshileng, leha e le manong.


Ke a le rapela, banabeso, hore le ke le amohele polelo tseo tsa kgothatso; hobane ke le ngoletse hakgutswanyane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ