Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 12:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 A ba hwehla ka letsoho hore ba kgutse, mme a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng teronkong kateng; a ba a re ho bona: Tsebisang Jakobo le baena taba tseo. A ntoo tswa, a ikela bakeng se seng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 A ba phoka ka letsoho hore ba kgutse, a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng tjhankaneng kateng, a ba a re: “Tsebisang Jakobo le badumedi ditaba tsena.” A tswa, a ya sebakeng se seng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Mme a ba gwetlha ka seatla gore ba didimale, a ba bolelela ka fa Morena a mo ntshitseng mo ntlong ya kgolegelo ka teng. A re: Bolellang Jakobo le baena taba tseo. A tloha, a ya sebakeng se seng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Mme a ba gwetlha ka seatla gore ba didimale, a ba bolelela ka fa Morena a mo ntshitseng mo ntlong ya kgolegelo ka teng. A re: Bolellang Jakobo le baena taba tseo. A tloha, a ya sebakeng se seng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 12:17
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa;


Tloong, le mamele, lona kaofela ba tshabang Modimo, ke tla le bolella seo o se entseng bakeng sa moya wa ka.


Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.


Na eo hase mmetli na? Na hase mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, le Juda, le Simone? Bokgaitsedie na ha ba moo ho rona na? Mme ba kgoptjwa ho yena.


Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone mohlolo tempeleng, le yena a ba lekanyetsa jwalo; mme a sala e le semumu.


Yaba o boela a ya mose wane wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng pele; mme a dula teng.


Ka baka leo, Jesu ha a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda; a mpa a tloha moo, a ya motseng o bitswang Efraime, naheng e haufi le nahathote, mme e hlola teng le barutuwa ba hae.


Yaba Simone Petrose o mo nyemotsa, hore a botse hoba o bolela mang.


Kamora tseo, Jesu a nna a ya le Galelea; hobane a ne a sa rate ho ya le Judea, ke hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.


Jwale, ba thola majwe hore ba mmetse; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a iphetela hara bona; mme a itsamaela jwalo.


Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


Empa Petrose o ne a tiisa ho kokota. Yare ha ba bula, ba mmona, mme ba tsota.


Yare hobane bosiu bo se, letsoso le leholo la eba teng hara bahlabani, la ho tseba hobane Petrose o entse jwang.


Yaba Pauluse o a ema, mme yare ha a ba hwehlile ka letsoho hore ba kgutse, a re: Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang!


Eitse hobane ba qete, Jakobo a bua, a re: Banna ba heso, mmameleng.


Yare hobane ba tswe teronkong, ba ya ha Lidia, ba tshedisa baena; ba ntoo tloha.


Jwale ba ntsha Aleksandere hara bongata, a sutuletswa pele ke Bajuda; Aleksandere a hwehla ka letsoho, a rata ho ikarabela ho setjhaba.


Hosasane, Pauluse a ya le rona ha Jakobo; baholo bohle ba ne ba phuthehetse teng.


Eitse hobane a mo lesele, Pauluse ha a ntse a eme methating, a hwehla batho ka letsoho, mme ha ho itswe tu haholo, a bua ka puo ya Seheberu, a re:


Le teng, baena ha ba utlwa taba tsa rona, ba tla re kgahlanyetsa Lepatlelong la Apiuse le moo ho thweng ke Matlung a phapohelo a mararo; yare ha Pauluse a ba bona, a leboha Modimo, a beta pelo.


A ntoo bonwa ke Jakobo; ka mohla o mong a bonwa ke baapostola bohle.


Mme ha ke a ka ka bona e mong wa baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.


Hobane enere ba bang ba tswang ho Jakobo, ha ba eso ho fihle, o ne a ntse a eja le baditjhaba; empa yare ha ba fihla, a sutha kasanthao, mme a ikgetha ka ho tshaba ba lebollo.


Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Ke le Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke re: Dumelang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ