Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Petrose ha a re qwatsi! Yaba o re: “Jwale ke tseba kannete hore Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le ho tsohle tse neng di lebeletswe ke setjhaba sa Bajuda.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Yare ha Petrose a elellwa, a re: Jwale, ke a tseba ruri hobane Jehova o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Yare ha Petrose a elellwa, a re: Jwale, ke a tseba ruri hobane Jehova o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 12:11
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o re ho Abrame: Tseba hoba ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya bona, mme e tla ba bahlanka, mme ba tla tujwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Yaba Jehova o re ho Abrahama: Ke ka baka lang Sara ha a tsheha, a re: Hleka kannete nka beleha, haele moo ke tsofetse?


Yaba Abimeleke o bitsa Isaaka, a re: Bona, kannete motho eo ke mosadi, wa hao; ke ka baka lang ha o itse: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Isaaka a re ho yena: Ke hobane ke itse mohlomong nka bolawa ka baka la hae.


Eitse hobane Jehova a namolele Davida matsohong a dira tsohle tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Jehova dithoko tse reng:


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


ha ekaba batho ba ntlo ya ka ba ne ba sa bue, ba re: O kae ya sa kang a kgora dijo tafoleng ya hae?


O tla o lokolla ditsietsing tse tsheletseng, mme ho tse supileng ha ho bobe bo ka o amang.


hobane o eme lehlakoreng le letona la ya lesitsi, o mo lopolla ho ba mo tswileng.


Bonang, mahlo a Jehova a hodima ba mo tshabang, ba tshepang mohau wa hae,


ho holla meya ya bona lefung le ho ba phedisa mehleng ya tlala.


Jehova o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae; bohle ba mo tshepang ba ke ke ba tsuwa.


Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.


Jehova o tla mo lwela! Ka letsatsi le lebe, Jehova o tla mo sireletsa, a mo phedise; e tla ba motho ya lehlohonolo lefatsheng. O ke ke wa mo neela thatong ya bao e leng dira ho yena.


Lona ba ratang Jehova, hloyang bobe! O sirela meya ya bakgethwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba bolotsana.


Ba araba, ba re ho morena: Ho jwalo, morena! A bua, a re: Bonang, ke bona batho ba bane ba tsamaya hara mollo ba lokolohile, ha ho bonahale tshenyeho ho bona, mme e mong wa bona o bonahala jwaloka hoja e le mora wa medimo.


Nebukadnesare a bua, a re: Ho roriswe Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, o romileng lengeloi la wona wa boloka bahlanka ba wona ba o tshepileng, ba tlotseng taelo ya morena, ba tedileng mmele ya bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela modimo o mong haese Modimo wa bona!


Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.


Yaba moo a ikgopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlolwang ke bohobe; mme nna mona ke bolawa ke tlala!


Empa hang, lengeloi la Morena la hlaha, mme lesedi la kganya teronkong; yaba le sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: Tsoha kapele. Yaba mahlaahlela a wa matsohong a hae.


Empa dilemo tse pedi ha di fetile, Porsiuse Festuse a bewa tulong tsa Felikse, mme Felikse a tlohela Pauluse teronkong, kahobane a ratile ho kgahlisa Bajuda.


Jwale Festuse, kahobane a ne a rata ho kgahlisa Bajuda, a re ho Pauluse: Na o rata ho ya Jerusalema ho ya ahlolwa teng ka ditaba tseo pela ka na?


Empa lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko bosiu, la ba ntsha, la re:


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ