Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ba fela ba etsa hoo, mme ba di romela ho baholo ba phutheho ka matsoho a Barnabase le Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Ba fela ba etsa jwalo, ba di romela ho baholo ka Baranabase le Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Ba fela ba etsa jwalo, mme ba e romela ho baholo ka matsoho a Barnabase le Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ba fela ba etsa jwalo, mme ba e romela ho baholo ka matsoho a Barnabase le Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:30
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng eo, morena Heroda a qala ho hlorisa ba bang ba kereke;


Haele Barnabase le Saule yare ha ba phethile mosebetsi wa bona, ba tloha Jerusalema, ba ena le Johanne, ya reilweng Mareka.


Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Pauluse le Barnabase ba fetolana le bona haholo, ba tsekisana le bona ka matla, ha ba ha rerwa hore Pauluse le Barnabase ba tla ya Jerusalema, ba ena le ba bang ba bona, ho ya botsa baapostola le baholo bakeng sa taba eo.


Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, dumelang, lona baena ba ditjhaba tsa Antioke, tsa Siria, le tsa Silisia!


Yare ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa hantle ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo; mme ba ba bolella tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona.


Baapostola le baholo ba bokana ho rerisana taba eo.


Ha ba ntse ba eya le metse, ba ne ba laela baena ho boloka melao e beilweng ke baapostola le baholo ba Jerusalema.


Ha a se a le Mileta, a romela Efese ho ya bitsa baholo ba kereke.


Hosasane, Pauluse a ya le rona ha Jakobo; baholo bohle ba ne ba phuthehetse teng.


Le yena Jose, ya reilweng Barnabase ke baapostola, e leng ho re, mora tshediso, ha ho fetolwa, e neng e le Molevi, ya tswaletsweng Sipera,


Hape, o se ke wa lebala mpho e ho wena, eo o e filweng ka boporofeta hammoho le peo ya matsoho a baholo.


Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.


O se ke wa amohela qoso e qosang moholo wa kereke, haese ka polelo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.


Taba eo ke o siileng Kreta ba baka la yona, ke hore o qetelle ho lokisa tse esong ho lokiswe, mme o bee baholo metseng yohle, jwalokaha nkile ka o laela;


E mong hara lona ha a baba, a bitse baholo ba kereke, mme ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka ole ka lebitso la Morena.


Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,


Nna, moholo, ke ngolla mofumahadi wa mokgethwa le bana ba hae, bao ke ba ratang nneteng — mme hase nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebileng nnete —


Nna, moholo, ke ngolla Gaiuse, moratuwa, eo ke mo ratang nneteng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ