Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Barutuwa ba eba ntswe le le leng ho romela baena ba ahileng Judea dithuso, kamoo e mong le e mong a neng a ka ntsha kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Yaba barutuwa ba rera ho romela dithuso ho badumedi ba ahileng Judea, ho ya kamoo e mong le e mong wa bona a ka kgonang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Jwale barutuwa ba rera ho romela dithuso ho baena ba ahileng Judea, e mong le e mong kamoo a neng a ka kgona kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Jwale barutuwa ba rera ho romela dithuso ho baena ba ahileng Judea, e mong le e mong kamoo a neng a ka kgona kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:29
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, ka ho ikutlwa matla a bona, ba ntshetsa bobolokelo ba tjhelete tsa mosebetsi didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong, le dimina tsa silefera tse kete tse hlano, le diaparo tse lekgolo tsa baprista.


Teng, ka re ho bona: Re lopolotse banababo rona ba Bajuda, ba neng ba rekisitswe ditjhabeng, ka seo re neng re na le sona; mme ke lona kajeno le yang ho rekisa ka banababo lona! Hape, le re, ba ya ithekisa ho rona na? Yaba ba kgutsa, ba sa fumane taba eo ba ka fetolang ka yona.


Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo.


Jesu le yena a biletswa bohading le barutuwa ba hae.


Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


Baapostola le baena ba ahileng Judea ba utlwa hoba baditjhaba le bona ba amohetse lentswe la Modimo.


Yare hobane a mo fumane, a mo tlisa Antioke; ba dule teng ba qeta ngwaha ba ntse ba phutheha le kereke; mme ba ruta bongata bo boholo. Ke Antioke barutuwa ba qadileng ho bitswa bakreste.


Haele barutuwa, ba ne ba tletse thabo le Moya o Halalelang.


Empa yare ha barutuwa ba mo teela hare, a tsoha, mme a kena motseng. Hosasane, a ikela Derba le Barnabase.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Jwale, kamora dilemo tse ngata, ke tlile ho etsa dithuso le diabo setjhabeng sa heso.


Le hona ho ne ho se motho ya hlokang letho hara bona; hobane bohle ba neng ba ena le masimo, leha e le matlo, ba ne ba rekisa ka wona, ba tlisa theko ya tse rekilweng,


Mehleng eo, ha barutuwa ba se ba atile haholo, Bajuda ba Bagerike ba korotla ka Bajuda ba Baheberu, ka ho re, basadi ba bahlolohadi ba bona ha ba hlokomelwe phepong ya letsatsi le leng le le leng.


Yaba o ja dijo, mme matla a boela ho yena. Saule a dula le barutuwa ba leng Damaseka matsatsi a mang.


empa barutuwa ba mo nka bosiu, ba ema hodima lerako, ba mo lepelletsa fatshe ka seroto.


Ha le etse ho swabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le hopole bobe.


Feela ba re, re no hopola bafumanehi, mme ke sona seo ke thootheletsweng ho se etsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ