Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Letsoho la Morena la eba le bona, mme batho ba bangata ba dumela, ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Letsoho la Morena le ne le ena le bona, mme palo e kgolo ya ba dumelang ya sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Letsoho la Morena la eba le bona, mme bongata bo boholo ba dumela, ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Letsoho la Morena la eba le bona, mme bongata bo boholo ba dumela, ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:21
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.


A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.


Kamoo letsoho le molemo la Modimo wa rona le neng le ntse le le ho rona kateng, ba re tlisetsa monna ya kelello wa bara ba Mahadi, mora Levi, mora Iseraele, e leng Sherebia le bara ba hae le banababo, ba entse leshome le metso e robileng meno e le mmedi;


Hape, ka ba hlalosetsa kamoo letsoho le molemo la Jehova, Modimo wa ka, le leng ho nna kateng, ka ba phetela le mantswe ao morena a buileng le nna ka wona. Yaba ba re: A re tloheng, re hahe. Mme ba ikgothaletsa ho etsa mosebetsi oo o motle.


Hape, nke ke newe lengolo le yang ho Asafe, mohlahlobi wa moru wa morena, hore a tle a nnee difate tsa ho etsa mamati a menyako ya qhobosheane eo e leng ya ntlo ya Jehova, le a marako a motse, le a ntlo eo ke tla dula ho yona. Morena a mpha mangolo ao, kamoo letsoho le molemo la Modimo wa ka le neng le ntse le le ho nna kateng.


Ke mang ya dumetseng seo re se bolelang, mme letsoho la Jehova le bonahetse ho mang?


Bonang, letsoho la Jehova ha le lekgutshwanyane hore le sitwe ho pholosa, le ditsebe tsa hae ha di a thibana, hore a sitwe ho utlwa;


Mme bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: Ha ho le jwalo, ngwana eo e tla ba eng? Hobane letsoho la Morena le ne le le ho yena.


Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo; mme batho ba bangata haholo ba kgomarela Morena.


Ke ahlola ke hona, hore baditjhaba kaofela ba sokolohelang ho Modimo, ba se ke ba kgathatswa,


ba boka Modimo, mme ba kgahlisa setjhaba kaofela. Mme Morena a nna eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.


Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.


Bongata jwa ba dumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletswa ka banna le ka basadi;


Lentswe la Modimo le ne le ntse le tswela pele; mme barutuwa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha dumela le baprista ba bangata.


Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba mmona, ba ba ba sokolohela ho Morena.


Hobane Evangeli ya rona ha e a ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moya o Halalelang, le ka kgodiso e kgolo, jwalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ