Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba ke elellwa polelo ya Morena, kamoo a boletseng kateng, a re: Johanne o fela a kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Jwale ka hopola polelo ya Morena, kamoo a itseng kateng: ‘Johanne o fela a kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Yaba ke hopola lentswe la Morena, kamoo a boletseng kateng, a re: Efela Johanne o kolobeditse ka metsi; empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Yaba ke hopola lentswe la Morena, kamoo a boletseng kateng, a re: Efela Johanne o kolobeditse ka metsi; empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:16
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bakang ka kgalemelo ya ka, mme bonang, ke tla le tshollela moya wa ka, ke le rute ditaba tsa me.


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Kamora tseo, ke tla tshollela moya wa ka hodima nama yohle, ho be ho porofete bara ba lona le baradi ba lona, maqheku a lona a lore ditoro, le bahlankana ba lona ba bone dipono.


Mohlang oo, dithaba di tla kolla veine e ntjha, marallana a phalle lebese, melapo yohle ya Juda e tla nne e be le metsi a mathang; mme sediba se tla tswa tlung ya Jehova, se nosetse lehwatata la Sittime.


Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.


Haele nna ke le kolobeditse ka metsi, empa yena, o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.


Johanne a ba araba bohle, a re: Nna, ke fela ke le kolobetsa ka metsi; empa e mong o a tla, ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Johanne a ba araba, a re: Haele nna, ke kolobetsa ka metsi; empa e mong o teng hara lona, eo le sa mo tsebeng;


Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke yena ya neng a mpoleletse, a re: Eo o tla bona Moya o theohela ho yena, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.


empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Ke mpa ke le boleletse taba tseo, hore nako ya tsona ha e tlile, le tle le hopole hobane ke na be ke le boleletse tsona. Ha ke sa ka ka le bolella tsona esale ho qaleng, ke hobane ke ne ke sa na le lona.


hobane Johanne o fela a kile a kolobetsa ka metsi; empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang, ha ho fetile matsatsi a se makae.


Ke le bontshitse nthong tsohle hobane ke ka ho sebetsa jwalo ho tshwanetsweng ho thuswa bafokodi, le ho elellwa taba ya Morena Jesu, eo a e boletseng ka sebele sa hae, ha a re: Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuwa.


Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.


Baratuwa, e se e le lengolo la bobedi leo ke le ngollang lona; mme ka wona a mabedi ke ntse ke re, ke a le hopotsa hore ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ