Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 10:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 e seng ho setjhaba kaofela, e le ho dipaki tseo Modimo o di kgethileng pele, e leng rona bao re jeleng, re nweleng le yena, hobane a tsohe bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

41 e seng ho batho bohle, empa ho dipaki tse kgethilweng ke Modimo e sa le pele, e leng rona ba ileng ba eja, ba enwa le yena kamora ho tsoha ha hae bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

41 E seng ho batho bohle, empa e le ho dipaki tse kgethilweng pele ke Modimo, e leng rona ba ileng ba ja le ho nwa le yena ka mora ho tsoha ha hae bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 E seng ho batho bohle, empa e le ho dipaki tse kgethilweng pele ke Modimo, e leng rona ba ileng ba ja le ho nwa le yena ka mora ho tsoha ha hae bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 10:41
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


ke ho re, Moya wa nnete, oo lefatshe le sa tlo ka le o amohela, kahobane ha le o bone, mme ha le o tsebe; empa lona le a o tseba, hobane o dula le lona, mme o tla ba ka ho lona.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.


Judase, e seng Iskariota, a re: Morena, ke kang ha o tla ipontsha rona, o sa ipontshe lefatshe?


Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.


Le lona le tla paka, hobane le bile le nna haesale le ho qaleng.


Yaba Jesu o tla, a nka bohobe, a ba nea bona, le dihlapi jwalo.


ho qala kolobetsong ya Johanne ho fihlela letsatsi leo a nyolositsweng ho rona, e mong wa bona e ka kgona e be paki ya tsoho ya hae le rona.


Enereha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, ba mpe ba lebelle pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna,


Rona, re dipaki tsa ditaba tsohle tseo a di entseng naheng ya Bajuda le Jerusalema. Ba mo fanyehile sefateng, ba mmolaya.


mme o bile a bonwa ka matsatsi a mangata ke ba neng ba tlohe Galelea, ba tla Jerusalema le yena, bao e leng dipaki tsa hae pela setjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ