Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 10:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 le tsona ditaba tse hlahileng Judea yohle, tse qadileng Galelea, kamora kolobetso e boletsweng ke Johanne;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Le tseba se etsahetseng Judea yohle, ho qala Galelea, kamora kolobetso e ileng ya phatlalatswa ke Johanne;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

37 Le a tseba, lentswe leo le ileng la bolelwa naheng yohle ya Judea, ho tloha Galilea, kamora kolobetso eo Johanne a neng a e bolela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Le a tseba, lentswe leo le ileng la bolelwa naheng yohle ya Judea, ho tloha Galilea, kamora kolobetso eo Johanne a neng a e bolela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 10:37
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,


mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.


Empa ba phehella, ba re: O ferekanya setjhaba ka ho ruta Judea kaofela; esale a qala ka Galelea ho fihlela mona.


Yaba Jesu o boela Galelea ka matla a Moya; mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.


ho qala kolobetsong ya Johanne ho fihlela letsatsi leo a nyolositsweng ho rona, e mong wa bona e ka kgona e be paki ya tsoho ya hae le rona.


Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,


kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.


Banna ba Iseraele, utlwang taba tsena: Jesu wa Nasaretha, monna eo le mo supisitsweng ke Modimo ka diketso tse matla, le ka meeka, le ka mehlolo eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona,


Hobane le yena morena o a di tseba taba tseo, mme ke di bolela ho yena phatlalatsa, kahobane ke a kgolwa hore ha ho e nngwe ya tsona e mo siretseng; hobane ha ho letho tabeng tseo le entsweng sephiring.


Leha ho le jwalo, re tshwanetse ho utlwa ho wena tseo o di hopotseng; hobane haele thuto eo, re a tseba hore e hanwa kahohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ