Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 10:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Jwale, romela Jopo, o late Simone, ya reilweng Petrose; o fapohetse tlung ya Simone mosuhi, e pela lewatle; etlare hobane a tle, ke yena ya tla bua le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Ka baka leo, romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose: ke moeti ha Simone, sesuhi sa matlalo, ya ahileng pela lewatle.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 Ka baka leo, romela Jope, o bitse Simone, ya bitswang Petrose; o dutse tlung ya Simone, mosuhi wa matlalo pela lewatle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Ka baka leo, romela Jope, o bitse Simone, ya bitswang Petrose; o dutse tlung ya Simone, mosuhi wa matlalo pela lewatle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 10:32
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

rona, re tla rema difate tsa Lebanone, kahohle kamoo o ka di batlang kateng, re o isetse tsona ka lewatle, di kopantswe hammoho, re di fihlise Jafo; wena o tla di lata teng, o be o di nyolosetse Jerusalema.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka.


Mosadi eo wa Samaria a re ho yena: Ere o le Mojuda, o qela jwang metsi ho nna, ke le mosadi wa Samaria? Athe Bajuda ha ba kopane le Basamaria.


a re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di ile tsa hopolwa ke Modimo.


Ke ka baka leo ke phakisitseng ka romela ho wena; o entse hantle ha o tlile. Jwale, re dutse mona kaofela kapela Modimo, ho utlwa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.


Jwale, romela banna Jopo, o late Simone e mong, ya reilweng Petrose.


Ke yena ya tla o bolella taba tseo o tla bolokeha ke tsona, wena le ntlo ya hao kaofela.


ba re: O kene ho banna ba sa bollang, mme o jele le bona.


Eitse hobane ba fetolane haholo, Petrose a ema, a re ho bona: Banna ba heso, le a tseba hobane e se e le kgale Modimo o nkgethile hara rona, hore ditjhaba di utlwe lentswe la Evangeli ka molomo wa ka, mme di dumele.


Teng pono ya hlahela Pauluse bosiu: monna e mong wa Masedonia o ne a le teng, a eme pela hae, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.


Petrose a dula Jopo matsatsi a mangatanyana, a dutse ha monna ya bitswang Simone, mosuhi wa matlalo.


A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ