Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ba rapela, ba re: Oho, Morena, wena ya tsebang dipelo tsa bohle, e be wena o supang eo o mo kgethileng ho ba babedi bana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Ba rapela, ba re: “Wena Morena, o tsebang dipelo tsa bohle, ako supe hore na ho ba babedi bana o kgethile ofe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Ba rapela, ba re: “Morena, wena ya tsebang dipelo tsa batho bohle, bontsha hore na ho ba babedi bao o mo kgethile ofe?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ba rapela, ba re: “Morena, wena ya tsebang dipelo tsa batho bohle, bontsha hore na ho ba babedi bao o mo kgethile ofe?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:24
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o tshwarele, o etse, o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho bohle;


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


na Modimo o ka be o sa ka wa tseba na? Athe o tseba makunutu a dipelo.


Lonya la bakgopo ha le ke le fele, o tiise ya lokileng, wena ya lekolang dipelo le matheka, Modimo o lokileng!


Nqalo ya bafu le sehoko di pontsheng ho Jehova; haholo jwalo dipelo tsa batho.


Empa, oho Jehova wa makgotla, moahlodi ya lokileng ya lekang matheka le dipelo, ke tla bona boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Jehova wa makgotla o leka ya lokileng, o sheba matheka le dipelo. Nke ke bone boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.


Jehova, Modimo wa meya ya nama yohle, a ke a bee hodima phutheho monna


Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Modimo o tsebang dipelo, o ba pakile, ka ho ba nea Moya o Halalelang, jwaloka rona.


Ba ba emisa pela baapostola; mme bao, hobane ba rapele, ba ba bea matsoho.


Mme ya lekolang botebo ba dipelo, o tseba kgopolo ya Moya, hobane o ntse o rapella bahalaledi ka mokgwa o ratwang ke Modimo.


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Saule a re ho Jehova: Oho Modimo wa Iseraele, hlahisa nnete. Jonathane le Saule ba tshwarwa, setjhaba sona sa tswa.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ