Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke setjhaba se seholo, se boemo bo bolelele, ke ditloholo tsa Baanake bao o ba tsebang, bao o utlwileng ha ho thwe: Ho ka ema mang pela bana ba Anake?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Kamoo le ba tsebang kateng, Baanake ke setjhaba sa batho ba diqhobane, ba balelele, bao le utlwileng ho buuwa ka bona, ho thwe: ‘Ke mang ya ka emang kapele ho Baanake?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 9:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o ka phalla, wa tshwara, wa isa kahlolong, o tla thibelwa ke mang na?


Dingaka tsa sitwa ho ema pela Moshe ka baka la dithopane; hobane dingaka le Baegepeta bohle ba ne ba tswile dithopane.


Ya neng a futuha ho mo lwantsha o tla etsa kamoo a ratang kateng, mme ha ho motho ya tla tiya pela hae; o tla ema naheng e kgahlehang, mme tshenyo e tla ba teng letsohong la hae.


Ka bona pheleu e thulela bophirimela, le leboya, le borwa, ho se phoofolo e ka emellanang le yona, ho se motho ya ka namolelang matleng a yona; ya etsa kamoo e ratang kateng, ya natlafala.


Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.


Empa feela, batho ba ahileng naheng eo ke dinatla, mme metse ya teng e haheleditswe ka marako, mme e meholo haholo; esita le bana ba Anake re bile ra ba bona teng.


re bone teng diqhobane, bana ba Anake, ba mofuta wa diqhobane; mahlong a rona, le mahlong a bona, re ne re le jwaloka mehlwanyane feela.


Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.


E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, se boemo bo bolelele jwaloka Baanake. Jehova a ba fedisa pela bana ba Ammone; yaba bao ba ba lelekisa, mme ba aha tulong tsa bona.


O tla neela marena a tsona matsohong a hao, mme o tla hlakola mabitso a wona tlasa lehodimo; ha ho motho ya tla tseba ho ema pela hao, ho fihlela o ba qeta kaofela.


Mohlang oo, Joshua a ya, a fedisa Baanake ba dithabeng tsa Hebrone, le Debire, le Anabe, le dithabeng tsohle tsa Juda, le dithabeng tsohle tsa Iseraele; Joshua a ba fedisa le metse ya bona.


Ha ho a ka ha sala motho le a mong wa Baanake fatsheng la bana ba Iseraele; feela ha nna ha sala ba seng bakae Gasa, le Gathe, le Ashdode.


Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ