Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 lefatshe la koro, la harese, la merara, la difeiye, la digaranata, lefatshe la mehlwaare e nang le ole, le la dinotshi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Naha ya koro, le harese, le morara, le difate tsa feiye, le dikgarenate; naha ya difate tsa mohlwaare, le mahe a dinotshi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 8:8
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O holehile esele ya hae sefateng sa morara, le petsana ya eselana sefateng sa morara se kgethilweng: o hlatswitse diaparo tsa hae veineng, le kobo ya hae mading a morara;


Ba kena harehare ho ntlo, eka ba batla koro, ba mo hlaba mpeng; Rekabe le Baana ngwanabo ba ntoo baleha.


Salomone a nea Hirame koro e dikore tse dikete tse mashome a mabedi, e be dijo tsa ba ntlo ya hae, le dikore tse mashome a mabedi tsa ole e hlwekileng; Salomone a nna a nea Hirame ho le hokalo ka lemo se seng le se seng.


ke be ke tle, ke le nkele fatsheng le kang fatshe la lona, fatshe la koro le la veine, fatshe la bohobe le la masimo a merara, fatshe la ole ya mehlwaare le la dinotshi, le tle le phele, le se ke la shwa. Le se ke la nna la utlwa Esekiase, ha a le eletsa, a re: Jehova o tla re namolela.


O bea kgotso meeding ya hao, o o kgorisa ka moko wa koro.


Ke ne nka ba fepa ka lefi la phofo, ke na nka ba kgorisa ka dinotshi tsa mafika!


Mehleng eo, masimo wohle a merara e sekete, e lekaneng dishekele tse sekete, a tla medisa dibajwa le meutlwa.


Ke le tlisitse lefatsheng la nala, hore le tle le je ditholwana tsa lona le monono wa lona; le ile la kena, mme le silafaditse lefatshe la ka, le lefa la ka le le entse manyala.


Se tla ja lehwetla la hao le bohobe ba hao; se je bara ba hao le baradi ba hao; se je dinku tsa hao le dikgomo tsa hao, se je merara ya hao le difeiye tsa hao, se heletse ka lerumo metse ya hao e diqhobosheane, eo o e tshepileng.


Le Bajuda le ba naha ya Iseraele ba ne ba hweba le wena le bona, ba ananya tsa hao ka koro ya Minnithe, le maqebekwane, le dinotshi, le ole, le balsame.


mme lefatshe le tla utlwa koro le veine le ole, tseo di utlwe Jisreele.


Athe yena o ne a sa ka a lemoha hoba ke nna ya mo neileng koro le veine le ole, ya bileng a mo atisetsa silefera le kgauta tseo ba sebeletsang Baale ka tsona.


Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.


Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.


Ba tswela pele, ba ba ba fihla sekgutlong sa Eshkole; teng ba ekga lekala le nang le lesihla le le leng feela la morara, mme ba babedi ba le jara ka sefate; hape ba ekga digaranata le difeiye.


Yaba ba di bokella, ba tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi ka dingwathwana tsa mahobe a mahlano a harese, tse siilweng ke ba jeleng.


Moshanyana o teng mona, ya nang le mahobe a mahlano a harese, le dihlatswana tse pedi; empa hoo e ka ba eng, ha ba le bangata hakalo?


O mo hlwesitse dithota tse phahameng tsa lefatshe, a ba a ja dijo tsa naha; a mo momontshitse dinotshi tse tswang mafikeng, le ole e tswang majweng a thata;


o mo fepile ka sereledi sa dikgomo, le ka lebese la dinku, le ka mafura a dikonyana, le ka dipheleu tse tswaletsweng Bashane; ka diphooko, le ka lefi la koro ya sebelebele e nonneng; mme o nwele veine ya sebele, metsi a mafubedu a morara.


Oho! Iseraele, di utlwe hle, mme o itiise ho boloka melao eo, o tle o be le lehlohonolo, mme le ate haholo lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse.


Hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o kenya lefatsheng le molemo, lefatshe la melapo, la didiba, la matsha, la metsi a kollang dikgutlong le dithabeng;


lefatshe leo o tla ja bohobe ho lona, ho se tlala, mme o ke ke wa hloka letho ho lona; lefatshe leo majwe a lona e leng tshepe, mme dithabeng tsa lona o tla tjheka koporo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ