Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae, o mo tshabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le mo tshabe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 8:6
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hore ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ao ba tla phela lefatsheng leo o le neileng bontata rona, mme ba tsamaye ditseleng tsa hao.


Ho lehlohonolo motho ka mong ya tshabang Jehova, ya tsamayang ditseleng tsa hae.


O ba rute ditaelo le melao, o ba tsebise tsela eo e ka khonang ba ye ka yona, le seo ba tshwanetseng ho se etsa.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Oho! hoja ba ka ba le pelo e jwalo kamehla, ya ho ntshaba, le ya ho boloka ditaelo tsa ka tsohle kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona, le bana ba bona, ka ho sa feleng!


Le tsamaye ka mokgwa o phethehileng tseleng eo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng yona, le tle le phele, le be le lehlohonolo, mme le atise matsatsi a lona lefatsheng leo le yang ho le rua.


Kgolwa pelong ya hao hobane Jehova, Modimo wa hao, o o laile jwaloka motho ha a laya mora wa hae.


Hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o kenya lefatsheng le molemo, lefatshe la melapo, la didiba, la matsha, la metsi a kollang dikgutlong le dithabeng;


Felang le tshabe Jehova, le mo sebeletse ka nnete le ka pelo tsohle tsa lona; hobane le tshwanetse ho lemoha tse kgolohadi tseo a le etseditseng tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ