Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 8:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Kgolwa pelong ya hao hobane Jehova, Modimo wa hao, o o laile jwaloka motho ha a laya mora wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Tsebelang ka dipelong tsa lona hore, jwalokaha ntata a kgalemela mora wa hae, le Morena Modimo wa lona, o le kgalemela jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 8:5
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke tla ba ntatae, yena e be mora ka. Ha a ka kgeloha, ke tla mo shapa ka thupa ya batho le ka phafa ya bana ba batho;


ke tla otla ditlolo tsa bona ka thupa, le bokgopo ba bona ka phafa;


Jehova, ho lehlohonolo motho eo o mo layang, eo o mo rutang ka molao wa hao,


Ya hlokisang mora wa hae thupa, o mo hloile; empa ya mo ratang o mo laya a sa le monyenyane.


Mora wa ka, o se ke wa nyedisa tayo ya Jehova, o se ke wa fellwa ke pelo ha o otlwa ke yena.


Hobane Jehova o kgalemela eo a mo ratang, jwaloka ntata motho a yeng a kgalemele mora wa hae ya ratwang.


Ka tsatsi la lehlohonolo, o iketle, mme ka tsatsi la tlokotsi, o lemohe hobane ke Modimo o entseng leno le lena, hore motho a tsebe hobane ha ho letho leo a tshwanetseng ho le lebella hamorao.


Kgomo e tseba ya e ruileng, esele e tseba lesaka la monga yona: Iseraele yena ha a na tsebo, setjhaba sa ka ha se na temoho.


Haele wena, mora motho, o tle o iketsetse thoto e kang ya mofalli, o tlohe motshehare pela mahlo a bona, jwaloka hoja o falla: o fele o tlohe pela mahlo a bona, nqalong eo o leng ho yona, ho ya ho e nngwe nqalo; ekaba ba tla nahana hoba efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.


Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.


le lefeelleng leo o le boneng, e leng moo Jehova, Modimo wa hao, a o pepileng, jwaloka monna ha a pepile mora wa hae, tseleng yohle eo le tsamaileng ka yona ho tlisa ho fihleng ha lona bakeng sena.


Iponeleng, esere la lebala selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a se entseng le lona, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sa tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hanetseng le tsona.


A le lehodimong, o ile a o utlwisa lentswe la hae hore a o rute; le lefatsheng o o bontshitse mollo wa hae o moholo, mme o utlwile mantswe a hae a etswa hara mollo.


Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.


Boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae, o mo tshabe.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ