Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hase kahobane le fetisa ditjhaba tse ding ka bongata Jehova a le ratileng, a le kgethileng; hobane le setjhaba se senyenyane ho ditjhaba tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Hase hobane le le bangata ho feta ditjhaba tsohle, Morena a ileng a le rata, mme a le kgetha, hobane ka palo le setjhaba se senyenyane ho feta ditjhaba tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 7:7
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E ne e sa le batho ba seng bakae; ba ne ba le banyenyane, e ne e sa le basele ho lona,


Enere ba eso ho be bakae, ba sa fokotse, e sa le basele, ho lona,


lona, lesika la Abrahama, mohlanka wa hae; lona, bana ba Jakobo, bakgethwa ba hae!


Kganya ya hao, Jehova, se e nee rona; se e nee rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao!


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


Lebisang mahlo ho Abrahama ntata lona, le ho Sara ya le tswetseng; hobane ke mmitsitse ha a le nnotshi, ka mo hlohonolofatsa, ka mo atisa.


Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke neng ke emisetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo letsoho la ka, ke ipolelang ho bona naheng ya Egepeta, ke ba emisetsang letsoho la ka, ke reng, ke nna Jehova, Modimo wa lona,


Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Ha ke etsetse lona, ntlo ya Iseraele: ke etsetsa lebitso la ka le kgethehileng, leo le le sentseng ditjhabeng tseo le fihlileng ho tsona.


Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e yang teng e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae.


Mohlatswana, se tshabe, hobane ho kgahlile Ntata lona ho le fa mmuso.


Mme haele ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hola ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; mme hola ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho jwalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e eba mosebetsi.


Ha ho le jwalo, o hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.


Na mmopi ha a na tokelo ya ho etsa ka kgwabi e le nngwe ya letsopa pitsa e nngwe ya ntho tse bokwang, le e nngwe ya ntho tse sa bokweng na?


Jehova, Modimo wa lona, o le atisitse, mme ke mona kajeno le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata.


Bontatao ba ne ba theohetse Egepeta, ba le mashome a supileng, mme jwale Jehova, Modimo wa hao, o o atisitse, o bile o o entse bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo.


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, mme Jehova o o kgethile hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng hore o tle o be setjhaba sa hae sa sebele.


Kahobane a ratile bontatao, o ikgethetse ditloholo tsa bona kamora bona, mme o o ntshitse Egepeta ka sebele sa hae le ka matla a hae a maholo,


Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba.


Lerato le bonahala hona moo hoba hase rona ba ratileng Modimo, empa e le wona o re ratileng, mme o romile Mora wa wona hore e be pheko ya dibe tsa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ