Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 7:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 hobane bara ba hao ba ka kgeloswa ke bona, hore ba ntlohele, mme ba sebeletse medimo esele, mme kgalefo ya Jehova e ka le tukela, a o fedisa hang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Baradi bao ba tla kgelosa bara ba lona hore ba se ke ba ntatela, ebe ba sebeletsa medimo e meng; kahoo kgalefo ya Morena e tla le tlokomela, ebe o le timetsa kapele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 7:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A etsa jwaloka eka ho bile honyenyane ho ya ka dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, a tlodisa ka ho nyala Jesebele, moradi wa Ethebaale, morena wa Basidone, a ya, a sebeletsa Baale, a mo kgumamela.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


mme wa nkela bara ba hao baradi ba bona, yaba baradi ba bona, ka ho feba le medimo ya bona, ba febisa le bara ba lona le medimo ya bona.


hore ba tle ba se ke ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, e leng manyala ao ba a etsetsang medimo ya bona, mme le se sitelwe Jehova, Modimo wa lona.


kajeno ke le biletsa lehodimo le lefatshe hore e be dipaki tsa hore le tla timela, le timele kapele lefatsheng leo le tla kena ho lona ka ho tshela Jordane, ho ya le rua. Le ke ke la atisa ditshiu tsa lona teng, empa le tla timeletswa ruri.


hobane Jehova, Modimo wa hao, ya leng ha eno, ke Modimo o boulelang. Bohale ba Jehova, Modimo wa hao, bo ka o tukela, mme Jehova a ka o timetsa lefatsheng.


Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:


Ha le ka kweneha, la kgomarela ditjhaba tsena tse setseng, tse siilweng hara lona, la nyallana le tsona, la kena ho tsona, mme tsa tla ho lona,


Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ba sebeletsa boBaale.


Ke ha kgalefo ya Jehova e tla tukela Baiseraele, a re: Haele moo setjhaba sena se sentse selekane seo ke se laetseng bontata bona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Ba nyala baradi ba bona, ba nea bara ba bona baradi ba bona, mme ba sebeletsa medimo ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ