Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 7:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 empa Jehova, Modimo wa hao, o tla o neela ditjhaba tseo, a di tshose ka tshoho e tshabehang, di be di fediswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Empa Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka ditjhaba tsena matsohong a lona, a di ferekanye ka pherekano e kgolo, ho fihlela di timetswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 7:23
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla romela letsoso la ka le o etelle pele, mme ke qhale tjhaba se seng le se seng seo o tla fihla ho sona, ke balehise pela hao dira tsohle tsa hao.


Iteleleng, hobane letsatsi la Jehova le haufi, le a tla jwaloka tshenyo e rometsweng ke Ya matla wohle.


Ba ntlhorisang ba ke ba hlabiswe dihlong, empa nna ke se ke ka hlabiswa dihlong, ba ke ba tlakasele, empa nna ke se ke ka tlakasela. Ako ba hlahisetse tsatsi le lebe, o ba hatakele ka ho hatakela habedi.


Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.


Efela letsoho la Jehova la nna la eba hodima bona hore le ba timetse diahelong, ho fihlela ba ba ba fela.


Jehova o tla neela ditjhaba tseo matsohong a lona, le tle le di etse ka ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona.


Le tla timela jwaloka ditjhaba tseo Jehova a yang ho di fedisa pela lona, ha le ka hana ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.


Tseba kajeno hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o etella pele, a le jwaloka mollo o timeletsang; o tla ba fedisa, a ba kokobetse pela hao; mme o tla ba falatsa, o ba fedise kapele, jwalokaha Jehova a o boleletse.


Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,


Jehova a ba qhalanya pela Baiseraele, a ba bolaela Gibeone haholo; Baiseraele ba ba phallela moepeng wa Bethe-Horone, ba ba timetsa ho ya fihla Aseke le Makkeda.


Jehova a qhala Sisera pela Barake, le makoloi a hae kaofela, le makgotla a hae kaofela ka bohale ba lerumo, mme Sisera a theoha koloing ya hae, a baleha ka maoto.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ