Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 7:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 o se ke wa di tshaba, o mpe o hopole tseo Jehova, Modimo wa hao, a di entseng ho Faro le ho Baegepeta kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Le se ke la di tshaba, le mpe le hopole hantle seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Faro, le ho Bagepeta bohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 7:18
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hopolang mehlolo ya hae eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,


Empa ke tla hopola diketso tsa Jehova, ke elellwe meeka ya hao ya boholoholo;


ke tla bolela mesebetsi ya hao kaofela, ke qaqisetse diketso tsa hao.


ba lebala ketso tsa wona tse phahameng le meeka ya wona, eo o ba bontshitseng yona.


Yaba Jehova o re ho Moshe: O se ke wa mo tshaba; hobane ke mo neetse matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae kaofela, le naha ya hae; o tla mo etsa jwalokaha o entse Sihone, morena wa Baamore ya neng a ahile Heshbone.


Bonang, Jehova, Modimo wa hao, o beile lefatshe pela hao; nyoloha, o le rue, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse. O se ke wa tshaba, mme o se tshohe.


Empa nna ka re ho lona: Le se ke la tshoha, mme le se ke la ba tshaba.


Jehova, Modimo wa lona, ya le eteletseng pele, yena ka sebele o tla le lwanela, jwalokaha a se a entse pontsheng ya lona Egepeta,


Etlere ha o futuhela dira tsa hao, mme o bona dipere, le makoloi, le batho ba o fetisang ka bongata, o se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, o na le wena.


Ra e neela anathema, jwalokaha re ne re entse ka Sihone, morena wa Heshbone; ra neela metse yohle hammoho le banna le basadi le bana anathema.


Jehova o tla neela ditjhaba tseo matsohong a lona, le tle le di etse ka ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona.


Ipheng matla, mme le tiye dipelo; se tshabeng, mme le se ke la ba tshoha, hobane Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tsamayang le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla.


Yaba Jehova o re ho Joshua: Se tsohe, mme o se ke wa tepella; eya o nkile le wena bahlabani bohle, o tlohe, o futuhele Ai; bona, ke neetse matsohong a hao morena wa Ai, le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le lefatshe la hae.


Gideone a re ho lona: Oho, Monghadi, ha ekaba Jehova a ena le rona, tseo tsohle di re hlaheletseng? E kae mehlolo ya hae kaofela eo bontata rona ba re boleletseng yona, ba re: Na hase Jehova ya re nyolotseng Egepeta? Jwale, Jehova o re furaletse, o bile o re neetse matsohong a Bamidiane!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ