Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 7:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O tla fedisa ditjhaba tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a tla o neela tsona; mahlo a hao a se ke a di qenehela, mme o se ke wa sebeletsa medimo ya tsona, hobane hoo e ka ba leraba ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ditjhaba tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a tla neelana ka tsona matsohong a lona, le tla di timetsa. Le se ke la di hauhela, le se ke la sebeletsa medimo ya tsona, hobane hona e tla ba leraba ho lona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 7:16
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, ha ba ka ba fedisa ditjhaba, jwalokaha Jehova a ne a ba laetse,


ba sebeletsa ditshwantsho tsa tsona, ya eba leraba ho bona.


Ba ke ke ba aha lefatsheng la hao, esere ba etsa hore o ntshitelwe ka ho sebeletsa medimo ya bona; hobane hoo e ka ba leraba ho wena.


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


Empa ha le sa lelekise baahi ba naha pela lona, bao le ba tlohetseng ba tla ba jwaloka meutlwa mahlong a lona, le ditsenene mahlakoreng a lona; ba tla le patisa naheng eo le ikahelang ho yona.


Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.


o se ke wa mo dumella, mme o se ke wa mo utlwa, leihlo la hao le se ke la mo qenehela; o se ke wa mo utlwela bohloko, mme o se ke wa mo pata;


o mpe o mmolaye ruri; letsoho la hao e be lona le emang pele hodima hae ho mmolaya, e ntoo ba matsoho a setjhaba kaofela.


Mahlo a hao a se ke a mo qenehela, o mpe o tlose Iseraeleng madi a se nang molato, o tle o be le lehlohonolo.


Mahlo a hao a se ke a mo qenehela; bophelo bo lefuwe ka bophelo, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, le leoto ka leoto.


o ke o mo pome letsoho, mme leihlo la hao le se ke la mo hauhela.


ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.


Le tla tjhesa ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona; o se ke wa lakatsa, mme o se ke wa inkela silefera, leha e le kgauta tse ho tsona, esere hoo ya eba sefi ho wena; hobane ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


hobane e ne e le Jehova ya thstsfaditseng pelo tsa bona hore ba lwantshe Iseraele, a tle a ba timetse, ba tle ba se ke ba bona mohau, a mpe a ba fedise, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Ba furalla Jehova, Modimo wa bontata bona, ya neng a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta, mme ba latela medimo esele, e leng medimo ya ditjhaba tse ba teetseng hare, ba e kgumamela, mme ba halefisa Jehova.


Ha ho le jwalo, ke itse: Nke ke ka ba leleka pela lona; empa ba tla nne ba be ka mahlakoreng ho lona, mme medimo ya bona e tla ba leraba ho lona.


Ba nyala baradi ba bona, ba nea bara ba bona baradi ba bona, mme ba sebeletsa medimo ya bona.


Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ