Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 7:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O tla o rata, a o hlohonolofatse, mme a o atise; o tla hlohonolofatsa ditholwana tsa popelo le tsa mobu wa hao, koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao, le ho tswalwang ke dikgomo tsa hao, le dikonyana tsa dinku tsa hao lefatsheng leo a anetseng bontatao, a re, o tla o fa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 O tla le rata, a le hlohonolofatse, a le ngatafatse. O tla hlohonolofatsa bana ba lona, le ditholwana tsa masimo a lona, le koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona. O tla ngatafatsa makgomo a lona, le mehlape ya lona e tla tswala mmoella, naheng eo a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla le nea yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 7:13
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme jwale, Modimo wa rona, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau; o se ke wa re, a manyenyane mahlomola ao a re hlahetseng, rona le marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le baporofeta ba rona, le bontata rona, le setjhaba sa hao kaofela, haesale mehleng ya marena a Assiria ho tla fihla tsatsing la kajeno.


Na ha o a ka wa mo sireletsa, yena le ntlo ya hae, le tsohle tsa hae, ka nqa tsohle na? Na ha o a ka wa atlisa mosebetsi wa matsoho a hae, le ho atisa mehlape ya hae lefatsheng na?


Mme Jehova a hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho fetisa qalo ya hae; a rua dinku tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse lekaneng dijoko tse sekete, le diesele tse sekete tse tshehadi.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.


A ba hlohonolofatsa, a ba ngatafatsa haholo, ha a ka a fokotsa bongata jwa makgomo a bona.


Hobane Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.


Bonang, bara ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mosadi ke moputso.


Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng.


Sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, mme o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi a hao, mme lefu ke tla le kgelosa ho wena.


Lehlohonolo la Jehova le entsha motho, hase mokgathala wa hae o mo ekeletsang leruo.


Tsela ya e mobe ke manyala ho Jehova; empa o rata ya phehellang ho loka.


Ke tla nne ke le tadime, ke le atise, ke le ngatafatse, mme ke tla tiisa selekane sa ka le lona.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate; le nna ke tla mo rata, mme ke tla ipontsha yena.


Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.


hobane Ntate o a le rata e le yena, kahobane le nthatile, mme le dumetse hoba ke tswa ho Modimo.


Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.


Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,


Etlare ha o utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o itisa ho etsa ditaelo tsa hae tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno, Jehova, Modimo wa hao, o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe.


Jehova o tla etsa hore dintho tsohle di tlale ho wena, ka ho atisa bana ba hao, le tse tswalwang ke makgomo a hao, le tse behwang ke naha ya hao, e leng lefatshe leo Jehova a anetseng bontatao hore o tla o nea lona.


Jehova, Modimo wa hao, o tla o busetsa lefatsheng leo bontatao ba kileng ba le rua, mme o tla le rua; mme o tla o etsa hantle, a o ngatafatse haholo ho fetisa bontatao.


Hase kahobane le fetisa ditjhaba tse ding ka bongata Jehova a le ratileng, a le kgethileng; hobane le setjhaba se senyenyane ho ditjhaba tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ