Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 7:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 o busetsang pontsheng ho ba o hloyang ka ho ba timetsa. Ha a diehe ho otla ya mo hloyang, a busetse ho eena pontsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ba mo hloyang sefahlamahlo o ba putsa ka ho ba timetsa. Ba mo hloyang sefahlamahlo ha a ba diehele, o ba timetsa hanghang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 7:10
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


o hauhelang meloko e dikete, o tshwarelang motho bokgopo le boikgantsho le sebe, o sa latoleng molato wa motho ya nang le wona, o otlang bana le ditloholo ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo ba bontata bona.


Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe!


Ketso ya hore hoitseng o tla e busetsa ho motho ka hore hoitseng: kgalefo ho ba mo lwantshitseng, le kotlo ho dira tsa hae; a busetse le ho dihlekehleke diketso tsa tsona.


O etsa mohau ho isa melokong e sekete, o busetsa bokgopo ba bontata bana sefubeng sa bana ba bona ba ba hlahlamang. Ke wena Modimo o moholo, o matla, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.


Jehova ke Modimo o boulelang, o phetetsang; Jehova o a phetetsa, o tletse bohale; Jehova o iphetetsa ho ba mo lwantshang, bohale ba hae o bo bolokela bao e leng dira ho yena.


Ha areka e ne e tloha, Moshe o ne a re: Raoha, Jehova; dira tsa hao a di ke di qhalwe! mme ba o hloileng, a ba ke ba balehe pela sefahleho sa hao!


empa ha a re, ya molato o hloka molato; o otla bana ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo jwa batswadi ba bona.


Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.


Kantle, lerumo le tla bolaya, ka tlung tshoho e tla ba teng; e tla nka mohlankana le morwetsana, lesea le anyang le motho e moputswa.


Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.


Ha ke leotsa lerumo la ka le benyang, mme letsoho la ka ha le tshwara kahlolo, ke tla iphetetsa ho dira tsa ka, ke busetse ho ba ntlhoileng.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa; hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Ha ho le jwalo, boloka ditaelo, le melao, le dikahlolo tseo ke o laelang tsona kajeno hore o etse ka tsona.


Tseba ka hona hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo, Modimo o tshepehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang ditaelo tsa wona, selekane le mohau ho isa melokong e sekete;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ